Tsamaiso ya Dikgoho

© Andile Bahla

Ho thibela ho lemala le lefu, dikgoho di lokela ho bolokwa di lokolohile le ho sebe le kgatello nakong ya tsamaiso. The South African Poultry Association e nale dikeletso tse latelang:

Mokganni

Mokganni ha lokela ho rata diphoofolo, empa o lokela ho di tseba le ho tseba ditaba tsa bophelo ba tsona tse ka hlahang nakong ya tsamaiso. Polokeho le bophelo ba dinonyana bo lokelwa ho elwa hloko nakong ya leeto le koloi e lokela ho kgannwa ka tsela ya ho thibela ho thella.

Ho Emisa le Bolele ba Leeto

Mosebetsi kaofela wa dipampiri o lokelwa ho qetwa pele ho latwa le ho theolwa, mme koloi e ka tsamaya hang ka mora ho palamisa. Leeto ha le ya lokela ho feta dihora tse 24 le ho ema ha o wa tshwanela ho etswa ntle le ha ho hlokeha. Ha o ema sebakeng se tjhesang, koloi e lokela dula e fana ka moya ka hare ho sebaka seo.

Ho se Je

Nonyana ha e ya lokelwa ho tingwa dijo kapa metsi pele ho leeto le nakong ya leeto, ha di ya lokela ho ja dijo kapa metsi o feta dihora tse 24 ho ballwa ka nako eo di qetetseng ho ja kapa ho nwa.

Maemo a Lehodimo

Mehato e lokelwa ho nkwa ho sireletsa nonyana kgahlano le maemo a mabe a lehodimo, haholo leetong le le lelele. Nakong ya maemo a tjhesang a lehodimo nonyana e lokela ho palamiswa le ho tsamaiswa nakong e phodileng ya letsatsi, ekaba hoseng haholo, thapama kapa bosiu.

Tshwaro ya Nonyana

Dinonyana tse kgolo di lokela ho tshwarwa ka bonngwe mme di tshwarwe ka maoto a mabedi le ho tshehetsa mmele. Ha ho wa lokela ho tshwarwa tse behela kapa tse tswalang tse fetang boraro le ditsuonyana tse fetang bone ha di ya lokelawa ho tshwarwa ke motho a le mong ka nako.

Kantini e lokela ho tsamaiswa ka thello, di seke tsa sekamiswa ka dikrate tse fetang tse 20 nakong ya ho palamiswa kapa ho theolwa mme di seke tsa lahlelwa kapa ho diwa. Tlama fatshe disebediswa bakeng sa hore kantini e se tjeke haholo.

Dikantini, mabokose, dibasekete kapa hoko ya terata ka hare ho teroli di sebediswa nakong ya tsamaiso, di lokela ho hlweka mme di etsetswe ho tshwara le ho tsamaiso ya nonyana. Tsela eo kantini tsena di peteditsweng ka teng ha di ya lokelaho ho sitisa moya ho kena le ho tswa ka kantining. Dinonyanaha di ya ntshetsa hlooho, mapheo le maoto kantle ho kantini.

Dinonyana

Ke dikgoho feela tse phetseng hantle le tse tiileng tse tsamaiswang. Maemo a lehodimo, bolelele ba leeto le tsela eo kantini e entsweng ka yona di lokelwa ho elwa hloko ha ho tsamaiswa bongata ba dinonyana.


Ka kakaretso, kgoho e nngwe le e nngwe e lokela ho fumana tokoloho ya bonyane 20 cm habedi. Bakeng sa ho behela, e loekela ho ba ka tlase ho 55 kg boholo ba mmele bakeng metara wa kgutlo nne, ha e lokela ho ba 70 kg metara wa kgutlo nne ha tsuonyana di tsamaisa.

Nonyana e Phelang

Dikgatiso tsa thekiso di lokelwa ho bolokwa, ho kenyeletswa dinomoro tsa bareki mmoho le palo ya dinonyana tse rekisitsweng le maemo a tsona a bophelo. Bakeng sa tshireletso, moreki ha a dumellwa ka sebakeng sa tlhahiso mme thekiso ya nonyana e phelang e lokela ho nka karolo sebakeng se inehetseng se sireletsehileng.

Phatlalatso

Tumellano ya phatlalatso setifikaiteng ka nngwe ho ya katsamaiso se lokela ho fuwa hore:


Ebe dinonyana di dina matshwao a mahloko le mafu a sa tlwaelehang a tlalehilweng FLOCK ya tsamaiso matsatsaing a 30.
Hore nonyana e entswe diteko tsa notifiable salmonellae le ho tsalamaya ka tlasa ditlhokeho tsa Salmonellae Movement Protocols.
Dinonyana di lokelwa hore di etse diteko tsa notifiable aviana influenza ho ya HPNAI Contingency Plan le ho tsamaya ka tlasa tsamaiso ya ditokomane.
Dinonyana di lokelwa ho etsa diteko tsa Newcastle Disease ho ya ka Movement Control Protocol ebang mafu a Newcastle nle tsamaya ka tlasa tlhahiso ya tsamaiso. Dinonyana di tshwarwa ka tsela e nepahetseng le ka molao wa SAPA wa jwale wa dinonyana tse phelang.

Translated by Sebongile Sonopo