Thekiso ya Tswalo

© Chris Daly

O hloka ho ballwa e bang o batla ho etsa kgwebo ya tswalo ya dikgoho, jwalo ka ha thekiso e tletse ka bo rakgwebo ba seng ba ikemetse. Mick Bosch wa Boschveld Chickens o re ho nale diphepetso tse pedi ha o tsepamisa maikutlo thekisong.
Ya pele ho thata ho hlodisana le barekisi ba busang ba ikemetseng, ya bobedi thekiso ya dikgoho e hlahisa hantle feela ka tla tikoloho e laolwang eo ho leng theko e boima ho e fihlella, ke nahana dimiliyone tsa diranta.

Thekiso e sa Rerwang

©Chris Daly
Mohopolo o nepahetseng e tlaba ho shebana le thekiso ya selehae le ho tswalwa ha bedi, e kang Boschveld, Australorp, Koekoek le Island Red. Tswalo ena e keke ya hola ka pele jwalo ka ya thekiso mme a fihlella ntlha ya ho behela ha nako e tsamaya mme e behele mahe a manyane, empa a sa kenweng ke mahloko le ho kgona ho hlola maemo a mabe le ho feta a ka emelwang ke a thekiso – le ha di siilwe ho solla ka bolokolohi jwalo ka dikgoho tsa metsaneng di fumaneha ho kenya ka thata.
Dinonyana, ho ya ka Bosch, di batleha haholo jwalo ka dikgoho tselokolohileng, bakeng sa tlhahiso ya dikgoho tsa metsaneng le tsamaiso ya mahaeng. Nakong ya ho ngola, o ne a sokola ho boloka sekgahla sa tlhokeho thekisong ya America, mme ho nale kgoneho e kgolo ya thekiso bakeng sa nonyana ena.
Bosch o eleditse bo rapolasi hore pele ba lokela ho leka thekiso mme ba qale hanyane,ka dikgoho bonyane tse 500, mme ba hodise kgwebo ho ya kgolo ya tlhokeho. Ho qala kgwebo haholo ho ka qetella ho rapolasi a ditse ka dinonyana tse sa hlokeheng.
Ditsounyanana di ka rekisa ha di ena le letsatsi ho bahlahisa ditsuonyane kapa boleng bo ka eketswa ho dinonyaneng bakeng sa ho di hodisa ho fihlela di kgona ho behela, ha di le dipakeng tsa dibeke tse 18 le tse 21 ho ya ka tswalo. Kgoho e nyane e tona ya lapeng e ka rekiswa jwalo ka dikgoho tsepehelang ha di le dibeke tse 12.

Ho Kenya Boleng

Dikgoho le dinonyana tse tswalang di tla tswala hantle ha di fumana dijo tse phahamisa matla a tsona, empa di tla nne di ye hantle e bang di tlohelwa ho isella ka bo tsona. Dinonyana tse tlohelwang ho isella le ho solla hohle di kantle ho tekanyetso di iphumana di le kotsing ya mahloko, ho lemala le dira.

Boleng bo ka eketswa ho ledinyane le nang le letsatsi ka ho enta kgahlano leditshwaetso ya lefuba le lefu la Newcastle pele o di rekisa Lera le lokela ho entwakgahlano le tshawaetso ya Bursal Disease (Gumboro) le Coryza pele o di rekisa. Ho rekisa dikgoho tse phetseng hantle tse entwang pele o di rekisa ho tla o etsetsa setumo se setle kgwebong mme bo qetelle ba kgutlela le ho o tlisetsa bareki b batjha ditboho ho matla a thekiso ya “lentswe le tswang molomong”.

Hopola ho hotshwara ka hloko kgetho ya hao ya kgoho e tona ya lapeng ho sebedisi dikgoho tse tshehadi ho thibela tsawlo, e tla reng ha nako e tsamaya e o hlahise hamper tlhahisong, tlhahisong botjha le dipheto tse senyehileng.

Translated by Sebongile Sonopo