Sharpe's Grysbok
Phuthi e kgubedu

© Nigel Dennis

Lebitso

Phuthi e kgubedu [Rachicerus sharpei]

Tjhadimeho

Phuthi e kgubedu ke tshepe e boi, e nyane ho phuti tse ding, mmele o motenya ka boya bokgubedu. Bolelele ba yona ke dimilimetara tse 500 mahetleng hape e kala dikilogeramo tse roboedi ha e hodile. Boya bo bofubedu ka matheba a masweu ka morao le mahlakoreng e ka re ke terata. Ke di pheleu feela tse nang le manaka eo a leng dimilimetara tse 60 – 100 ka bolelele.

Dijo

Phuthi e kgubedu e a fula. E ja mahlaku le mahlaka a meru. Phuthi e kgubedu e ja hape le mahlaka a jwang, ditholwana le dipalesa ha di le teng. E ja hape le dimela tsa dipolasing bosiu.

Tswalo

Dikonyane di hlaha ka morao ha dikgwedi tse supileng tsa tswalo. Ka baka la hore ha di bonwe hangata mekgwa ya phoofolo ena ha e tsejwe.

Boitshwaro

Phuthi e kgubedu e hlola e phela e le nngwe, e robala motsehare ha ho tjhesa e nto e fula bosiu le mesong.

Di fumanwa kae

Phuthi e kgubedu e phela moo ho tshwanang le phuti ya Kapa empa yona e fumanwa Mpumalanga bokone dithabeng tsa Lembobo. Poloko ya Phuthi e kgubedu ha e tsejwe ka baka la hore ke phoofolo e sa tlwahelelang.

Dinoutu tsa naheng

Diphuti tse kgubedu tse tona le tse tshehadi di phela di le ding empa di thala bodulo ka moitedi. Phuti tse kgubedu di atisa ho dula mekoting tsa dithakadu.