Pineapple Flower

© Roger de la Harpe
Pineapple flower.

Lebitso

Pineapple Flower kapa Pineapple Lily

Lebitso la se Latin

Eucomis sp.

Tlhaloso

Pineapple Flower ke setlama se safetoheng; le methapo ya yona e kotola, ka bophara bo disenthimithara tse 10 mme a bataletse ka tlasa le metso e mengata e meswu. Makgasi a petelitswe ka bophara kgahlanong le lerwele; a leshome le metso e mebedi. Metso ya makgasi e metenya, ntshing ya lehlaku e leralla le bo momeno bo kgabane. Ho qala ha ho hlaha ha dipalesa teteaneg, le dipalesa tsa teng di nka dibeke tse ngata ka metsing. Semela sena se na le dipalesa ka Tshitwe.

Tikoloho

Pineapple Flower e ntse e hola ka Sneeuberg, Uitenhage District, Hogsback ka ho KwaZulu Natal, moo e ntseng e hola ho tloha lebopong le ka ho Drakensberg. Ho fetela le ka Basutoland le Foreistata ho ya sebakeng sa Gauteng le diprofinseng tse haufi.

Dintlha tsa tshimo

Ho na le mefuta e leshome ya Pineapple Flower ka Borwa ba Afrika ho akarelletsa Eucomis undulata le Eucomis autumnalis.

Kotola ya semelea sena sa Semela sa Diphaenapole ke e nang le tjhefu, empa e ntse e sebediswa ka ho phekola malwetse Afrika Borwa ka mekgwa ya phekolo e bakeng sa enemas, bohloko ba mokokotlo le ka ho fodisa ho rebeha ha masapo. Mekgwa ya phekolo tse ding di akarelletsa mathata mosese, bohloko ba mala, feberu, bohloko ba mala ba bana, flatulence, babalase le mokaola.