Ka nako ya ho ngolwa Afrika Borwa e ne e sena molao o busang ho laolwa ha tlhaho kapa mefuta e lokolohileng ya tlhahiso. Bo siyong ba molao, boholo barekisi le disupamakete ba hodisitse boemo ba bona moo bahlahisi ba lokela ho ikamahanya ho ba mofuta wa leibole o lokolohileng kapa tlhaho.
Ho South African Poultry Association e qadile maemo a tlase a yona ho tsamaisa ditsuonyana le tlhahiso ya ho behela. Ho ya ka khoutu ya bona ya boikwetliso, dinonyana tsohle, e kaba e hodiseditsweng lapeng, hokong, mofuta o lokolhileng kapa tsa tlhaho, di lokela ho ba le phumantsho ya ditokoloho tsohle tse hlano tse tsebisitsweng ke World Animal Organisation. Tsona ke:
Tokoloho ya tlala, phopo e mpe le lenyora ka boteng ba metsi a foresh le phepo e nepahetseng.
Tokoloho ya tshabo le kgatello ya maikutlo ka ho fana ka maemo le tlhokomelo e balehang ho tshwenyeha ho feteletseng.
Tokoloho ya ho hloka botsitso ka ho fana ka tshireletso lekanang.
Tokoloho ya bohlolo, ho lemala le mahloko ka baka la phano ya thibelo e lokelang kapa mefuta e meng, phumano e potlakileng le taolo ya maemo a boitshwaro.
Tokoloho ya ho hlahisa dipateronr tse itekanetseng tsa boitshwaro ba diphoofolo, ka ho fana ka sebaka se lokelang meahong e loketseng le khampani ya diphoofolo tsa mofuta wa ona.
Tikolohoya ka hare
Ditsuonyana hore di atlehe jwalo ka mofuta o lokolohileng, khoutu ya boikwetliso ya Boilers Production e totobatsa hore ha ho wa lokelwa ho bolokwa dinonyana tse feta 15 ka metara ha bedi e kaba ka tlung kapa marulelo. Palo ena e theohela fatshe ho dikgoho tse 10 ka metara habedi haeba maikemisetso ke ho hlahisa mofuta o lokolohileng wa mahe, ka ho lata mahe kapa tshebeletso ya sebaka le ho kwala karolo e itseng ya mabokose a nete a ntshitsweng palong.
Setoko se sengata sa dikgoho tse behelang di phahamisetswa ho 12 bakeng sa mitara habedi ka tlung ka sebaka se hodimo se nepahetseng kapa meaho ya ho besa. Kalana ena ha e ya lokela ho fuwa bonyane 15 cm ya kgoho mme e lokela ho kenyeletsa sekgeo mahlakoreng a yona a se fete 1,5 cm ho dumella kgoho ho ngwaparela kalana ka manala kantle ho dikotsi, ho ya ka Pullet Rearing and Table Egg Production Code Of Practice.
Tekano ya meaho ya sehlaha e lokela ho nyahamisa dikgoho ho behela mahe fatshe. Moo ho sebediswang mabokose ka bo mong, ho lokela ho be le sehlaha se le seng bakeng sa dikgoho tse 8 mme moo ho nang le sehlaha sa kopanelo, bonyane metara habedi kapa sehlaha sa fatshe bakeng sa dikgoho tse 125.
Tse behelang di lokela ho fumana kganya e fumanehang. Bonyane dihora tse 9, kganya e ka tswelapele ka mokgwa wa letsatsi kapa kganya ya maiketsetso, nakong e nngwe le e nngwe ya dihora tse 24 le bonyane ba dihora tse 8 bosiu.
Ka ditsuonyana ka bobedi le tlhahiso ya ho behela, boholo ba kgoho e le nngwe e kgolo bakeng sa 5 cm ya dijo e kaba ya lapeng heba e sebedisi ketane, senwelo ka phepo ya lebokose le ka fumaneha ho tswa mahlakoreng ka bobedi. 10 cm bakeng sa kgoho e lokela ho fuwa ha feela lehlakore le le leng le fumaneha. Ha pane kapa ditjhupu tse fepang di sebediswa, bohlo ba tse 40 tse kgolo bakeng ho abelwa phepo di ka sebediswa.
Tikoloho kantle
Khotu e hlalosa ona maemo a tokoloho kantle bakeng sa ditsuonyane tse lokolohileng le tlhahiso ya ho behela. Palo ya setoko sa dinonyana kantle ho ntlo ka moriti, e lokela hore e se ftedinonyana tse 5 bakeng sa mitara habedi. Ho utsuwa ha setoko ho lekanya pehelo ya bongata ba mefuta e mengata, ho ya ka South African Poultry Association.
Sebaka kantle moo dinonyana di bolokwang, e lokela ho bolokwa ho dumella bonyane 50% ya dimela tse phelang ka nako tsohle. Ho potolohisa ho fula ho ka thusa ka taolo ya tshenyo ya lefatshe le ho fokotsa kotsi ya ho ahela ha dikokonyana.
Dinonyana di lokela ho fumana moriti, e kaba ka mokgwa wa difate kapa sebopeho sa maiketsetso, boholo ba dimitara tse nne habedi bo ka ssireletsa dinonyana tse sekete. Dinonyana di lokela hape di be tshireletso le fense e lekanang ho di sireletsa kgahlano le dira.
Translated by Sebongile Sonopo