Letshwao la Pale ya Robben Island

Morao ka bo 1700

©Roger de la Harpe
Ke sebaka se tsebahalang ka hore Nelson Mandela o qetile dilemo 30 tsa bophelo ba hae, Robben Island e nale pale e tswellang ya letshwao la Afrika Borwa. E ne e tsebahala pele ka poloko ya tlhaho moo dikepe di neng boloka dikwallo le mahe a dipenguin. E itse ha di fela, ha tla dinku le mebutlanyana. Ka nako ena, disesisi tsa dikepe tse neng di entse botlokotsebe ba ne ba siya dikepe mme ba ya sehlekehlekeng ho lo phela teng kapa ho bolawa.
Sehlekehleke, ha o tlowa mabopong a mose a Cape Town, e bile tjhankane ya polotiki morao ka bo 1700 ha ba qothisane ba MaMuslim ho MaDutch ka puso ya Indonesia moo dikepe dineng di le teng. Ka nako ya ntwa Eastern Cape Frontier ka bo 1800, baetapele ba MaXhosa, ho kenyeletswa le mohlabani wa moporofeta Makana, ba ne ba rometswe ke bakoloniale ba Europe. Ka mora nako ya eba tulo ya balepera le sepetlele sa mahlanya, mme pele ho qhobosheane ya WWll e ile ya fetolwa ho ba tjhankane e kgolo ya polotiki ya kgethollo. E ile ya batla e ba sebaka sa papadi ya tjhelete, empa ka lehlohonolo ha jwale ke sebaka sa bonono le poloko ya tlhaho.

Translated by Sebongile Sonopo