Kelp Gull
Setholo-moru

© Roger de la Harpe
Kelp Gull.

Lebitso

Setholo-moru (Sethwena-moru)

Lebitso la Selatin

Larus dominicanus

Lelapa

Laridae

Bolelele

Disentimetara tse 60

Lehae

Se phela se le seng kapa mehlapeng e menyane di ntse di fula lebopong, haholoholo boemakepeng , ha di bonwa naha ka hare.

Sello

Lentswe - 'Meeu', sello se tlwaelehileng. Ha di tshwengwa, di tla etsa modumo wa 'kok-kok-kok'.

Tswalo

Di tswala ka Mphalana. Dihlaha ke pokello ya mobu o furumetsweng ka jwang, masiba le dithupa, ka mahe a 2 – 3 a fapanang ka mmala ho tloha botala, boputswa le sootho ka matheba a matsho. Dihlaha di fumanwa sephokong kapa bophareng

Tjhadimeho ya madinyane

Madinyane a na le matheba a matso hohle mmeleng ka noka e tsweu (a ka bonahala ekare le skua, empa ha e na matheba a masweu dimpeng); ha di ntse di hola, di atisa ho ba boputswa ka mmala, ha maoto a matheba a sootho kapa masweu

Tjhadimeho ya tse hodileng

Tse hodileng di na le mahlo a matsho e maoto a masweu-tshehla.

Maemo

E atisa ho ba teng nakong tshole.

Pokello

E tlwaelehile mabopong a borwa kapa a bophirimela a Kapa, dinokeng le masabasabaneng a seng hara naha.

Boitsebahatso ba Setholo-Moru

Ha di ntse di rata ho tshwasa ditlhapi, diboko, di mollusc, mahe le dinonyana tse nyenyane, Setholo-moru (Larus Vetula) e ka boela ya hapa m...more