Majwang, a bitswang monocot kapa dimela tse mahlaku a masesanyane, ke karolo e bohlokwa ya makgulo.Ha ho kopantswe le dijo tsa peo makgulong, jwang bo ka fokotsa bothata ba ho tlalellana ka maleng ha diphoofolo di fula makgulo ao. Jwang hape bo fokotsa ho hola ha mofoka, bo ka thusa le makgulo ho phonyoha mariha mme ho be le tjhai e ntle. Mefuta ya jwang e mengata bakeng sa makgulo e bolela hore ho na le jwang bo loketseng boemo bofe kapa bofe ba lehodimo kapa mokgwa wa botsamaisi.
Jwang bo ka arolwa ka mekgahlelo e mmedi e leng wa tropike kapa bo melang lehlabula le jwang ba boemo bo mahareng kapa bo phodileng ba lehodimo. Botsa k’hamphani efe kapa efe bakeng sa tataiso ya jwang bo loketseng makgulo sebakeng sa heno le bakeng sa mofuta wa mobu wa hao.
Jwang bo nang le tjhai e ntle le ho ba le kgolo e ntle nakong ya lehlabula bo bitswa jwang ba lehlabula mme hangata bo jalwa dibakeng tse futhumetseng tsa Afrika Borwa.
Jwang bo bopang kotola ba lehlabula
Jwang ba mofuta ona ha bo a lokela ho fulwa haholo mme ha bo silehe hantle. Ho sileha hantle ke palo ya dimatlafatsi eo phoofolo e ka di sebedisang ho tswa makgulong.
Mehlala ya jwang ba kotola ke jwang ba mohlomo e leng weeping love grass (Eragrostis curvula), makgulo a ka nako tsohle le jwang bo mamellang komello ba mohlwa (Cenchrus cilliaris) le mefuta ya finger grass e jwaloka Smuts finger grass (Digitaria eriantha).
Jwang ba mohlomo bo loketse mobu oo metsi a fetang ha bonolo ebile bo na le acid ya pH ya 4 - 7. Mohlwa o rata pH ya 7 - 8, o holela mobung o lehlabathe naheng mme o tshaba aluminium le manganese. Jwang bo hlabosang ba Smuts finger grass bo holela mobung o sa tebang o majwe le mobung o lehlabathe o nang le pH ya 6 - 7 empa bo a sokola mobung o batlang o sa nona.
Jwang bo holang ka potlako ba Rhodes bo kgona ho ikamahanya le maemo a fapaneng a mangata mme bo ba le tjhai e ntle ho tloha selemong sa pele sa ho lengwa.
Jwang bo holang bo paqame
Mefuta ena ya jwang e hola hantle kamora ho fulwa empa, jwaloka jwang ba lehlabula, ha bo silehe hantle.
Mehlala ya jwang bo holang bo paqame e kenyeletsa kikuyu - bo ratang mobu o nonneng - hammoho le jwang bo mamellang komello le ho kopanya mobu ba bhai kapa jwang bo kenang hohle ba star (Cynodon species).
Dimela tsa makgulo tse holelang boemong bo mahareng ba lehodimo di hola hantle dihleng tse phodileng jwaloka selemo le lehwetla. Jwang bona bo dula bo le botala mariha, bo mamella serame mme hangata bo sileha hantle ho feta ba lehlabula.
Jwang bo bopang kotola ba boemo bo mahareng ba lehodimo
Kgetha jwang bo nepahetseng bakeng sa sekgahla sa ho fula ha diphoofolo tsa hao.Mohlala, jwang ba rye ba nako e telele bo kgona ho mamella ho fulwa haholo, empa jwang ba cock’s foot bo hola hantle ha bo fulwa hanyane.
Jwang ba Italian rye bo ka fulwa nako e telele ho feta ba Westerworld rye. Jwang ba rye bo hloka nitrogen le metsi a mangata ha e le semela sa makgulo.
Fescue e telele e loketse mobu o metsi haholo le makgulo mme e kgona ho mamella mobu o nang le acid e ngata. Cock’s foot (Dactylis glomerata) e hlabosa haholo. Jwang bona bo kgona ho mamella ho fulwa haholo mme bo hola hantle methating e borwa le dibakeng tse moriti, mme bo lokelwa ke ho jalwa dirapeng tsa merara le tsa ditholwana.
Translated by Maletsatsi Sejake