Dikeletso tsa Dikgoho tsa Lapeng
Pele o qala ka ho ruwa dikgoho, ela hloko melao ya masepala tlhahisong ya diphoofolong sebakeng sa hao. Melao ena e fapana ho ya ka bo masepala ho ya ho o mong mme e nale taolo ya nomoro ya dinonyana le maemo ao dinonyana di lokelang ho bolokwa ka teng.
E kaba, mohlala, taolo re shebile bo hole ba moo dinonyana di bolokuweng, hole le thepa, matlo le mmila le ka mokgwa oo matlakala le diphoofolo tse kulang di lokelang ho hlokomelwa.
Hoba le phihlello ya polasi ha ho bolele hore o ka kgona ho hlahisa dikgoho. Ha ho soka ho eba le thekiso ya dikgoho e etsahalang polasing, tshusimetso ya thuto tikolohong e ka hlokeha ho fihlella tlhahiso ya hore e ama jwang tlhahiso ya tikoloho.
Ho kaba hape le melao e itseng e ho tla lokelaho ikamahanya le yona, mohlala, tlhahiso ya setsi e lokela ho ba bohole bo itseng ho tlowa ditholwaneng tsa dipakana lapeng le polasi ya difariki.
Ditlhokeho tsa Hae
Ntlo e ka nka sebopeho sa moshwelella kapa se tsamayang. Bophelo le tshireletso ya sehlopha e lokela ho ba motheo o tsepameng ha ho etswa kapa ho ahwa sebopheho. Hantle ntle se lokela ho sirelatsa bakeng sa dira, e sireletse dikgoho kgahlano le dikhemikahale, o kenye le tokoloho, ho be bobebe ho hlwekiswa le ho bebofatsa tshwaro ya tlhahiso. E lokela ho shebahala e hlwekile le bolokwa hantle ho thibela dikgohlano le bahaisane.
Ho ela hloko ha moralo le ho thehwa ho a hlokeha ha ho qalwa sebopeho sa moshwelella ho nka monyetla ka tikoloho ya tlhaho. Kabong ya motjheso, mohlala, ho ka etsa moelelo ebang lehlakore le le lelele le sheba leboya le Borwa, mme lehlakore le lekgutswane le sheba botjhabela le Borwa. Moaho o lokelwa hore o ahwe letswapong ho balehela mathata a metsi.
Ntlha ya bobedi moaho o tsamayang le wa moshwelella, ho bohlokwa ho etsa bonnete ba hore moya o lekane. Moahong o nang le moya ka tlhaho, o leng theko e tlase ho feta tsamaiso ekwalehileng, ho lokelwa hoba le difesetere le kgaretene tse ka bulwang le ho kwalwa ho thusa ho sebetsana le maemo a lehodimo ka hare ho moaho. Difesetere di ka apeswa ka letlowa ho boloka dinonyana ho ka nka mafu.
Boholo bo Nale Taba
Boholo ba ntlo bo lokelwa ho elwa hloko. Ho se sebedisi sebaka ke bkgethelo ho tla phahamisa ditheko tsa tlhahiso, jwale ho lokile ho qala hanyane le ho aha ntlo e nngwe ha tlhahiso e hola.
Ho ya ka tokomane ya South African Poultry Association khoutu ya boikwetliso, tse behelang tse boholo bo fetang dibeke tse robedi ka tsamaiso ya hokong di lokela ho ba le fitlhello ya sebaka sa bonyane 450 cm ha bedi, le ha ho sa dumellwa tse behelang tse fetang 10 bakeng sa mitara habedi fatshe, ha dinonyana tse fetang dibeke tse 4 ka tsamaisong ya hoko di lokela ho fumana bonyane 450 cm nonyana ka nngwe.
Bongata ba setoko ha bo a lokela ho feta 15 ya ditsuonayana metareng habedi ho fana ka mofuta kapa tsamaiso ya modiko. Bolelele ba ntlo le hoko bo lokela ho fa kgoho ho ema ha e tsamaya mme hloho e lokolohe.
Ka ntlo e tsamayang ho bohlokwa ho tsamaisa sebopeheo ho thibela ho fula ho fetang tekano le ho fa sebaka sa ho fula nako e lekaneng ho iphumana pele sebopeo se kgutlala sebakeng seo.
Translated by Sebongile Sonopo