Damara Tern

© Shem Compion

Lebitso

Damara Tern

Lebitso la Selatin

Sterna balaenarum

Lelapa

Rynchopidae

Bolelele

Disentimetara tse 23 cm

Lehae

Mehlape e menyane lebopong la Atlantiki, e atisa ho ja metsing le dnokeng.

Sello

Lentswe la teng le hodimo seka 'tsit-tit' e phetwa hangata. Hape le 'tit-tit'.

Tswalo

Di tswalwa lebopong la Namibia le haufi le Table Bay, hape le sebakeng se qetwang ho tsibollwa, Rocky Point, ho fihlela noka ya Cunene. Dihlaha di lehlabatheng ho fihlela dikilometara tse 5 ho tloha lewatleng. E beha lehe le leleng kapa a mabedi, seka tern.

Tjhadimeho ya madinyane

Madinyane a na le matheba a sootho mapheong.

Tjhadimeho ya tse hodileng

E nyane ka mmele le masiba a matsho hloohong, nako tse ding e fapana le Tern e nyane ka molomo o shebileng fatshe o moputswa, mmele wa teng o otenya, nako tse ngata e tshweu. Dinonyana tse sa tswaleng di na le phahla e tsweu le hlooho e tshweu.

Maemo

Ha e a tlwaeleha.

Pokello

E atisa ho phela feela mabopong a Namibia le Kapa. E tsamaya mabopong a Afrorikaborwa ka Phupu.