Borapedi le Ditumelo tsa baTsonga

Borapedi ba Badimo

©Dr Peter Magubane

Matsatsing a kajeno boholo ba Batsonga ba tsamaya dikereke tsa Bokreste, haholoholo dikereke tse ikemetseng kapa Evangelical Presbyterian Church (e neng e tsejwa ka la Swiss Mission). Bokreste bo hohela dipalopalo tse eketsehang tsa balatedi ditoropong tsa barutehi, empa mahaeng ditumelo tsa botjhaba di ntse di le matla. Boholoholo, boholo ba Batsonga ba ne ba dumela ho motho ya phahameng ka ho fetisisa, moo ho bopjwa ha motho le lefatshe ho qadileng teng. Ditumelo tsa Batsonga di ho borapedi ba badimo.

Ba dumela hore motho o na le mmele wa nama, le mmele wa moya o nang le ditshobotsi tse pedi, e leng moya le ndzuti. Moya (o tsamaelana le moya) o kena mmeleng ka nako ya tlhaho, mme ka nako ya ho shwa o lokollwa ho ya ba le badimo. Semelo (ndzuti) se hoketswe seriting sa motho mme ke seipone sa makgabane a botho- ke moemedi wa motho ya siyang mmele wa hae lefatsheng la moya.

Moya wa ya shweleng (swikwembu) o tletse makgabane a motho ka mong le botho ka kakaretso. Ha se feela hore ho na le bophelo ka nqane ho lebitla, empa ka ho kena lefatsheng la ba shweleng motho o ntse a kgona ho hokahana le ba phelang. Bakeng sa boholo ba Batsonga kajeno ho ba ‘setjhaba’ ho bolela ho ba ngatana e le nngwe e kenyeletsang bohle, ka bobedi ba phelang le ba shweleng. Ho bebofatsa ho kena ha moya wa ya sa tswa hlokahala badimong, ho etswa mokete wa kamohelo hang kamora phupu. Ho hlokahala ha setho sa lelapa (muti) ho tlisa sesila ho ba leloko mme mosebetsi wa ho ba hlatswa o a etswa ka dinako tse fapaneng tsa letsatsi nakong ya dikgwedi tse mmalwa.

Mehato ya Borapedi

Borapedi ba badimo, bo ntseng bo etswa le kajeno,bo hloka ho phethwa ha mesebetsi e itseng, haholo ka nako ya dikoduwa, ka tataiso ya bonohe (nanga). Lelapa le kgobokanela sebakeng seo ho etswang mesebetsi ya sehlabelo le ya bohlokwa (gandzelo) ho tlotla meya ya badimo ba bona. Dijo le dino di behwa e le sehlabelo ho badimo ba lebohwang ka ho sebeletsa batho ba bona. Dikopo di a etswa bakeng sa ho rapella mathata a itseng le nakong ya koduwa.Meya ya baholoholo e ka boela ya atamelwa ho sa rerwa le ntle ho mokete wa sehlabelo, ka thapelo. 

Batsonga ba dumela meyeng e lokileng le e mebe. Meya e lokileng e tlisa pula le ho etsa ntho tse ntle di etsahale. Meya e mebe (boloi) e sebediswa ke baloi ba ka tlisang kotsi setjhabeng. Moloi a ka elellwa meya e mebe kahare ho yena mme a e sebedisa molemong wa hae, empa hangata boloi bo ka ba ho motho feela a sa elellwe, mme bo tswe mmeleng wa hae bosiu ha a robetse. 

Boteng ba baloi bo amahanngwa le ho kula ho sa kgaotseng le bomadimabe. Ho kula ka nako tse itseng ke ntho e amohelehileng bophelong, mme bongata ba Batsonga ba dumela hore motho ya kulang o tla fola boinotshing ba hae ka nako ya hae. Ho fola ho ka potlakiswa ka metswako ya meriana eo ho fanweng ka yona ke ditho tsa lelapa tse nang le tsebo e tebileng ya meriana. Le ha ho le jwalo, ebang motho a kula haholo kapa bomadimabe bo ntse bo tswela pele, ke pontsho ya meya e mebe mme pheko e lokela ho fumanwa ka bonohe. 

Bonohe ba boloi bo etswa ke senohe (nanga) kapa ngaka (mungoma) eo e leng yena ya buang le badimo ka masapo, dikgetla kapa ditaola tse ding (tinholo kapa mavula). Ditaola (tinholo) di lahlwa mosemeng jwaloka madaese di tswa mokotleng; ho ya kamoo di wang kateng, ngaka e kgona ho bona sesosa sa ho kula mme a fane le ka pheko.

Translated by Maletsatsi Sejake