Bophelo ba Batho ba Batswana Mahaeng

Dibaka tsa Bodulo

©Dr Peter Magubane
Tswana initiates gathering to eat.

Mehaho ya Setswana e sa tlwaelehang Afrika Borwa ka boholo ba yona empa e lekaneng, e leng sephetho, bonyane ka karolo e itseng ya sebaka sa bona se omileng.

Ha e le mathwasong a lekgolo la bo19 la dilemo, dibaka tse ding tsa Tsatsiko, tse neng di shebile mabaka a ho itshireletsa,di ne di-na le baahi ba bangata ho feta Kapa, motse o moholo ka ho fetisisa wa Afrika Borwa wa Bokolone nakong eo.

Nakong e fetileng e ne e le ntho e tlwaelehileng hore dintho tsohle tsa moloko di tsepamiswe mohahong o pota-potileng mookamedi. Bahlomphehi ba bang ba tlile ho tla busa dibaka tse haufi, ka ho hapa naha le ho haha metse e mengata ya batho ba tlisitsweng tlasa puso ya bona. 

Lelapa, le nang le moetlo le wa bohlokwa malapeng, ke lenane le lenyenyane ka ho fetisisa la sechaba, hangata monna, mosadi wa hae le bana ba se nang balekane, empa hangata ho kenyeletsa bara ba nyetsweng, esita le baradi, balekane ba bona le bana. Ka tlwaelo matlo a ne a enang le lebala le pota-potilweng ke lehlaka kapa terata ya lepolanka, kapa lerako la letsopa.

Hangata banyalani ba ne ba arolelana ntlo le bana ba banyenyane. Bana ba dilemong tsa bocha ba ne ba arolelana ntlo, mme batho ba baholo ba sa nyalanang ba arohane ka thobalano. Matlo a ne a sebedisetswa haholo- holo bakeng sa ho robala le ho bolokeha, ho pheha le mesebetsi ya sechaba e etswang lebaleng le bulehileng.Dilemong tse fetileng dintho tsohle tsa malapa diile tsa haha matlo a tsona mme tsa hlaisa dijo tsa bona tse ngata 

Naha, diphoofolo le thepa yohle di ne di tsamaiswa ke hlooho ya lelapa ya neng a di file ba itshetlehileng ka yona. Kaha e ne e le hlooho ya ditho tsa lelapa, o ne a lebeletse ho mamela, tshebeletso le tlhompho ho basadi le bana ba hae, mme a sebetsana le ditshebedisano tsohle tsa molao le batho ba ka ntle. Thapelo le sehlabelo, se neng se etswa molemong wa ntlo ho baholo-holo, e ne e boetse e le boikarabelo ba hae, le hoja le yena a ile a batla thuso ho beng ka yena le beng ka matlo malapeng a mang.

Translated by Sebongile Sonopo