Black Wildebeest
BlackWildebeest kappa White-tailed gnu

© Peter Delaney

Lebitso

Black Wildebeest kappa White-tailed gnu (Connochaetes gnou)

Tjhebahalo

E nale mmele o sooth bo tibileng bo yang botshong, mme enale moriri otlolohileng ka morao ho molala le mohatla o hlwekileng o molelele. Tse tona le tse tshehadi di nale manaka a boima, a tjikileng. Dipoho di bolelele ba dimitara tse 1.2 mahetleng mme e boima 161 kg. Dikgomo di bolelele ba dimitara tse 1.16 mahetleng mme e boima 130 kg. Manaka a manamane a yona a tlhaho a otlolohile, a qala ho hola a tjikile ha namane ena le bonyane dikgwedi tse robong.

Dijo

Qalong di ya fula, bakeng sa boikgethelo haholo e ja jwang mme ka nakonyana e ja dihlahlana tsa karoo le ditlama.

Boitshwaro

Diphoofolong, Black Wildebeest e fumaneha ka mefuta e meraro ya mehlape e kopantseng dopoho tsa sebaka tse hlodisanang ho hohela dikgomo, mehlape e tshehadi le mehlape ya masoha. Dipoho tse laolang di tletse ho parola masimo a phoofolo ka nngwe, eo ka nako tsohle e dulang ena le mafolofolo a ho itshireletsa. Ka kakaretso dipoho tse tsofetseng di tloswa ho tse ding. Mefuta yohle e bontsha katamelo dibakeng tse itseng, tse kgethuweng bakeng sa pontsho ya tshireletso.

Bodulo

Thatohatsi ya bodulo ba tsona ke tshimo e bulehileng ya jwang, e dula e nena sebaka se nang le jwang bo bolele le meroho e boima

Moo di fumanehang

Di Black Wildebeest di tsebahala haholo Afrika Borwa. Ho ya ka history Black Wildebeeste hapile karolo e mahareng ya tshimu e bulehileng ya jwang ka hara naha, ho tloha Kapa Botjhabela, Free State, Lebatowa le ka borwa la Highveld eleng Transvaal ya mehleng, Bophirima ba Lesotho, bophirima ba Swaziland le Sebeka sa jwang se ka tlase ho Drankensburg KwaZulu Natal. Haufinyana e tsebisitswe dikarolong tse ding tsa dinaha le dinaheng tsa boahisane. Ka bongata bo ka fihlang 12 000, mme ha e nkuwe ele tshoso yah ore di ka fela.

Dintlha tsa tshimo

Di ile tsa tloswa ho tswa mefuteng ya teng ya tlhaho ya mokgwa wa temo, Black Wildebeest di kgona ho pholoha papading ya polasing, le lefatsheng le ikgethileng, ebile e hlahile ka tsela e ikgethileng. Di bile di isitswe le dibakeng tse kang Kenya. Le ha feela tse ngata di ile tsa fumanwa karolong e bohareng ya naha ya Afrika Borwa, mme nako e fitileng ha di yaka tsa falla kaofela ha tsona ele di Black Wildebeest entse e le jwalo dibakeng tse ding.