Ke ile ka bona Mandela mosebetsing lekgotleng la dinyewe ka ditlamorao tsa mohwanto wa basadi o kgahlano le molao wa dipasa ka 1959. Molao o neng o batla hore batho ba batsho ba jare dipasa ka dinako tsohle kapa ba tobane le ho tshwarwa, e ne e otlolletswe ho basadi. Dikete tsa basadi di ile tsa tshwarwa ha di hlahisa ho se utlwisisi.
Ke ne kele moqolotsi ya monyane wa koranta ya Rand Daily Mail ya ntseng a ithuta tsa kgwebo lekgotleng la moahlodi. Ke ne ke se ke tseba Mandela, mme o ile a nhlaba malotsana ka nyewe e kgolo ya basadi e neng e tshwaretswe moahong o ka fatshe moo disele di neng di le teng, le hore koranta e ne e sa dumellwa.
Seo re neng re dumellane ka sona molao o ne o sa se dumele. Ke ile ka ya ho bona moahlodi e moholo, mme ka tletleba, mme ka mo tshosa ka ho etsa kopo ya lekgotla le hodimo. Ho ile hwa bulelwa dikoranta ka nako eo. Ho tloha mohlang oo, dibeke tse tsheletseng, ke ne ke dula pela Mandela le baemoedi ba bang ba lwanela hore nyewe e qhalwe kapa ba fuwe kotlo e nyane.
Dilemo lemo ka morao, ha Mandela e ne a le tjhankaneng Robben Island, o ile a nngolla lengolo. Mme o ne tseba ho ka nna hwa etsahala hore ba nang le matla ba ne ba sena ho le tlohela feela le fete, o ile a buwa le motho e mong hape.
Dikateng tsa lengolo di ne dipatilwe hobane le ne le lokelwa ho lekolwa ka ho teba, mme le ne le feta ho motho e mong le e mong ho fihlela le fihla honna ka mora dikgwedi.
Translated by Sibongile Sonopo