African Wild Cat
Katse e hlaha ya Afrika

© Roger de la Harpe

Lebitso

Katse e hlaha ya Afrika [Felis silvestris spp.]

Tlhahiso

Dilemotse 6 tse fitileng Egepeta ho ile hwa etswa African Wild cat ya lapeng bakeng sa ho fokotsa diroto le ditweba tse neng di palama sekiri sa dithollo. Ho tlowa lethapisaneng lena la phoofolo, ke ha ho tswalwa katse. Le ha ele phoofolo e bobebe ho palamela, boholo ba nako katse ena e fatshe.

Dijo

Phofu eo e ratwang ke Katse ena ke ditweba le diroto, empa ha di sa fumanehe e ja dinonyana le mekotatsie, mmutla le matsa manyane.

Tshwalo

Thobalano e etsahala pakeng tsa Phupu le Pherekgong, ka boimana ba matsatsi a 65. Ledinyane le hlaha pakeng tsa Lwetse le Tlhakubele. Madinyane a mararo.

Boitshwaro

Lelapa lena le lenyane la dikatse hale soka le etsetswa diphuputso tse kenelletseng, ho tsebahala ha nyane ka boitshwaro ba yona. Phapang ya tsona ekgolo ke ditsebe tse nang le mmala le maoto a malelele. Phoofotswana ena o ka e kopanya le katse ya lapeng ha bobebe hoo ho bonanalang hore kamano ya tsona e atamelane haholo. Katse ena e rata bo mong ka mora hore e tswalwe, e hola e rata lelapa la yona.

Moo difumanehang

Dibakeng tse ding e dula le diphoofolo tse ding tseo di tswallanang mmoho.

Di patlisiso tsa bohlokwa

Boima ba tse tshehadi: Kilogram tse 2,6 - 5,5
Boimaba tse tona: Kilomitara tse 3,8 – 6,4
Bolelele ba basadi: Sentimitara tse 90
Bolelele ba tse tona: Sentimitara tse 90
Nako ya nyalano: Dikgwedi tse pedi
Palo madinyane: 2 - 5
Lelapa: Felidae

Tswalo

Madinyane a 2 – 5, nako enngwe le enngwe ya selemo kamora boimana ba dikgwedi tse pedi.

Tlhaloso ya mehlala

Mehlala ya maoto a Katse e hlaha ya Afrka e tshwana le sebopeho le boholo ba katse ya lapeng.

Boitsebahatso ba Diqwabi

Diwabi (Felis silvestris lybica) ke mefuta ya matswallwa a Afrika ebile e le moholo-holo wa katse ya malapa. Di shebahala jwaloka dikatse ts...more