Winnie Mandela maPolotiki Tokelong ya hae

O Hatellwa ho Lekanywa

©Dr Peter Magubane
Ho nyalwa ke e mong wa ba lwantshi ba kgatello ya tsebahlang ho ne ho le thata. Nelson Mandela o ne atsherwe ka nakotso tsohle kgwebong ya ANC, dintwa tsa molao le lelapa la bo Winnie le ileng la tlatlapuwa ke maponesa.
Winnie le yena o ne a kene diketsong tsa hae, le ha a se a ithwetse. Ka 1958 o ne a kene mohwantong wa o kgahlano le dipasa o latetsweng ke o tsebahalang wa 1956 ba hwantela o na molao oo. E ne e le e mong wa basadi ba 1000 ba ileng ba tshwarwa. Yena le ba bang ba ile ba ikgethela ho tshwara ho ena le ho ingodisetsa baile ka nako eo. Ke moo a ileng a utlwa bohloko le sehloho sa tjhankane ya Afrika Borwa. Ka mora hore a lokollwe setjhaba le maponesa a ile a mo tseba ka hore o hatella ho lekanywa jwalo ka molekane wa hae. Ka mora nako e seng kae a lahlehelwa ke mosebetsi wa hae sepetlele sa Baragwana.
Yena le moradi wa Nelson, Zenani, ya hlahileng ka 1959 ba latela.

Tshepo ya Winnie

©Eric Miller
Winnie o ile hohela kgothatso le tshehetso ho tswa ho basadi babang ba sebele ntweng kgahlano le mmuso wa kgatello. Ba bang ba basadi ba kang Lillian Ngoyi, Helen Joseph, Albertina Sisulu, Florence Matomela, Frances Baard, Kate Molale, Ruth Mompati, Hilda Bernstein le Ruth First. Basadi bana e bile tshepo e tshepahalang ya Winnie, e leng ntho e neng e sa fumanehe ha bobebe ka nako eo. Ba bang ba metswalle e neng e le ya bo radipolotiki ho ile ha hlahella ka mora nako hore ke dimpimpi tsa maponesa.
Bothata bo ile ba ba teng dipakeng tsa Winnie le leloko la hae lapeng Transkei ka morao hore Bantu Authority Act e kenywe tshebetsong. Morana Kaizer Matanzima, e mong wa baratuwa ba Winnie ba mehleng le mosebeletsi wa ntatae ha ba dimellana le mmuso ebile ba tshehetsa ketso ena. Sena se ile sa hanyetswa ke sehlopha sa bahanyetsi sa se bitswang Intaba, ba ileng ba hlasela ka sehloho leloko la Winnie bosiung bo bong, ba tlatlapa mme wa hae le ho tjhesa ntlo. Tlhaselo ena e ile ya siya Winnie a sena mme ya mohodisitseng jwalo ka mme ya motswalng dilemo lemo a qhwadile. O ile a hlokahala ka pele ka mora moo. Ntate wa Winnie o ile a nna a tswela pele ho tshehetsa Matanzima le ho tshwara setulo kabineteng ya Transkei. Winnie o ile a bona sena e le ho utlwiswa bohloko karolong ya ntatae hore o ikamahanya le bahatelli. Qhobeshano ena e ile ya arohanya leloko.

Translated by Sibongile Sonopo