Tlhophiso ya Setjhaba ya baTsonga

Lehae la Batsonga

©Dr Peter Magubane

Dilemong tsa 1890 mapolasi a Lowveld a ne a loketse mesebetsi e fetang ho tsoma le temo e ikemetseng, mme beng ba mapolasi ba ile ba a rekisetsa batsetedi ba neng ba batla dirafshwa. Batho ba buang Setsonga sebakeng seo ba ne ba lefa tjhelete ya bodulo ho batsetedi ba siyo ;moo beng ba mapolasi ba neng ba sebetsa masimong, baahi ba ne ba lefa kamoo ba ka kgonang kateng (hangata halofo ya kotulo ya bona) kapa ka mosebetsi wa matsoho (nako e ka etsang dikgwedi tse tsheletseng ka selemo). Ha ditheko tsa lefatshe di ntse di eketseha, le dikarolo tse kgolo tsa Lowveld di ntse di hlaka ke lefu la malaria le la borokwana, baahi ba ile ba qobellwa ho ba basebetsi ba kontraka kapa ba falle polasing moo.  

Hobane ba ne ba thibelwa ke melao ya mangolo a boitsebiso ho ka fallela metseng ya ditoropo, malapa a mangata a ile a dula lefatsheng le neng le behetswe bodulo ba batho ba batsho. Empa ba ile ba tloswa hape ka lebaka la matsholo a ‘ntlafatso’ dilemong tsa 1940 moo ho neng ho kopanngwa mahae e be metse e meholo, ho hlongwa ha thibella le ho arola mobu o ka lengwang. 

Dilemong tsa 1960 le 1970 ditjhaba di ile tsa arohanngwa ha malapa a fallisetswa lehaeng la Batsonga la Gazankulu. Ho lefuwa ha lekgetho le tshubuhlellano ho ile ha baka hore batho ba itshetlehe mesebetsing ya bojaki. Hona ho ile ha baka hore banna ba siye malapa a bona nako e telele, mme kajeno le basadi ba mahaeng ba batla mesebetsi ya nako le nako mapolasing a haufinyane. Ho kopane le bophelo bo kgathatsang ba mahaeng, taba ena ya tshitiso ya ho tsitsa ha lelapa ho bakile mathata a mangata setjhabeng: botahwa, phamokate, ho ima ha bana le leqeme la mesebetsi di jele setsi.

Mahae a Batsonga a Tlwaelehileng

©Dr Peter Magubane
A woman stands in her Tsonga homestead.

Mahae a Batsonga (muti), a setso, a na le ntate,mofumahadi kapa mafumahadi a hae, bana ba bona le malapa a bara ba bona ba nyetseng. Mokgwa wa moaho wa matlo a bona, a sedikadikwe ka mabota a mobu le marulelo a motsullope a jwang kapa lehlaka, ke sesupo sa metso ya Batsonga. Le ha sebopeho sa lehae (muti) se fapane ho ya ka dibaka, di na le ho tshwana ka ntho tse ding. 

Hangata lehae le na le sebopeho sa sedikadikwe se nang le marako, a entsweng ka makala le dikoqo tsa sefate. Bohareng ke lesaka la dikgomo (xivaya kapa tshanga) le bapileng le kgoro e kgolo (e sebediswang ke baeti) ka nqa botjhabela ba lehae. Dikgoro tse ding tse lebisang masimong le mehloding ya metsi, di sebediswa ke ditho tsa lelapa(muti). 

Ntlo ya mofumahadi e moholo (yindlu lonkulu) e kamora lesaka boemong ba hora ya 12, mme a mafumahadi a mang a ka mahlakoreng ho ya hae. E mong le e mong o na le leifo la hae, ka mokgorong kapa sebaka se sireleditsweng ka lehlaka, lejwe kapa lerako la mobu. Mofumahadi e moholo o na le sesiu seo e leng sa hae, seo hangata e leng setshelo se tsheheditsweng ka dithupa. 

Bana ba dula ho ya ka bong ba bona-banana hantle kahara ntlo mme bashemane pakeng tsa kgoro e kgolo le lesaka (xivaya). Sebaka se ikgethileng (huvo), se dikanyeditsweng ke dikutu le makala se ka tlasa sefate, se sebedisetswa dikopano; sebaka se seng (gandzelo), moo e ka nnang ya ba ka tlung, se sebedisetswa mesebetsi ya sehlabelo. Kgotla (yandla) moo e ka nnang ya ba kahara ntlo kapa kantle, ke moo banna ba kopanelang teng ho bua tsa botsamaisi le ditaba tsa lelapa. Ha ho na mosadi kapa ngwana ya dumelletsweng ho ba sebakeng sena. 

Bolaodi ba lelapa bo itshetlehile ho ntate, ya hlomphuwang haholo ke mofumahadi wa hae le bana. Ha e le lapeng le leholo, tlhahlamano le boemo ba mafumahadi bo kgethollwa ho ya ka nako eo ba nyetsweng ka yona. Mofumahadi ya nyetsweng pele (nsati lonkulu) ke yena e moholo ;o na le boemo bo phahameng ka ho fetisisa mme o lokelwa ke ho hlomphuwa ke ba bang. Maemo le mokgahlelo a fuwa le bana mme a kgethollwa ke boemo ba bommê ba bona. Boemo, mokgahlelo le bong di laela dikamano baneng ba motho. Ho phaella moo, melao ya boitshwaro, boikarabelo, mesebetsi, ditokelo le menyetla di teng molaong wa boitshwaro moo ngwana e mong le e mong a lebeletsweng ho ikobela yona.

Translated by Maletsatsi Sejake