Themphereitjhara Le Dimela

Themphereitjhara ya moya sebakeng sa temo e bohlokwa haholo temong bakeng sa kgahlamelo ya yona kgolong le tlhahisong ya dimela ka ho fapana. 

Mesebetsi ya dikarolo tsa semela, dik’hemik’hale tsa sona le metjha ya ho phela ha sona jwaloka photosynthesis, di susumetswa ke themphereitjhara ya moya. Photosynthesis ke mokgwa oo dimela tsa temo di sebedisang kganya ya letsatsi ho hlahisa carbohydrates, tse ommeng kapa tjhai, ka ho sebedisa metsi le carbon dioxide. 

Boholo ba dimela di a hola le ho phela ka themphereitjhara e pakeng tsa 0˚C le 50˚C empa bakeng sa semela sefe kapa sefe, themphereitjhara e lokileng bakeng sa kgolo e phethahetseng le tlhahiso e batla e patisane.

Dimela Tse Ratang Motjheso Le Tse Ratang Serame

Dimela tsa ha ho bata di kenyeletsa k’habetjhe, dihwete, bete, lettuce, spinach,dierekisi le anyanese. Dimela tsena di mela ka bokgabane ha themphereitjhara e le 15˚C ho ya ho 18˚C. Dimela tsa ha ho futhumetse tse kang dinawa, mokopu, di-squash, di-cucumber, ditapole, poone le tamati di hola hantle ha themphereitjhara e le pakeng tsa 18˚C le 27˚C. 

Letoto la dithemphereitjhara le bitswang “cardinal” (tse tlase tse mamellehang, tse phethahetseng, tse hodimo tsa mamellehang) le fapane pakeng tsa dimela empa le a fapana hape mekgahlelong ya ho hola ha semela sona seo se le seng. Ha ho tluwa dimeleng tse ratang serame, ho bohlokwa ho kgetholla matsatsi a phethahetseng a ho jala a tla netefatsa hore semela se holela boemong bo phethahetseng ba themphereitjhara.

Themphereitjhara Le Mafu a Dimela

Themphereitjhara ya moya, e kopane le mongobo o tlwaelehileng, phofudi kapa mongobo moyeng, hangata di nka qeto ka mafu a dimela empa di ka ba le molemo nqa tse ding. Mohlala o motle ke greening disease, e leng lefu le bakwang ke kokwanahloko ditholwaneng tsa citrus. Ke bothata bo boholo diprofenseng tsa Mpumalanga le Limpopo, empa eseng diprofenseng tsa Western le Eastern Cape.

Kokonyana e tsamaisang kokwanahloko ena ha e kgone ho emela motjheso o hodimo mme ho bonahala ha ‘berg winds’ tse tjhesang le ho omella tsa Western le Eastern Cape dibakeng tse hlahisang citrus, e le lona lebaka la bosiyo ba greening disease. 

Pula Le Themphereitjhara

Themphereitjhara ya lehae le nako ya pula di na le seabo sa bohlokwa qetong ya ho kgetha semela se tla jalwa. Mohlala, jwalokaha morara o le kotsing ya mafu a fungus ha o jalwa dibakeng tse mongobo, morara o lokela ho jalwa sebakeng seo pula e sa neng haholo kapa moo pula e nang mariha. 

Dimela tsa subtropic, mohl, avocado, guava, litchi, mango, passion fruit, pawpaw, peinapole, di ka jalwa feela ka katleho dibakeng tse se nang serame. Di-dates di hloka matsatsi a ka bang 180 ka motjheso wa letsatsi le letsatsi o fetang 18˚C le pula e sa neng haholo bakeng sa tlhahiso e atlehileng ya tholwana ena.

Themphereitjhara Le Boleng Ba Semela

Ka nako tse ding phapang e nyane ya themphereitjhara e ka ama boleng ba sehlahiswa. Tswekere e beteng e a fokotseha ebang themphereitjhara e le tlase ka nako ya ho hola ha yona. Ho jwalo feela le ka bolelele ba nako ya ho hola ha semela ebang e sa lekana, semela ha se hlahise tswekere e lekaneng. 

Bolelele ba nako ya ho hola ha semela le dithemphereitjhara tse hodimo ka ho lekaneng le tsona di bohlokwa bakeng sa dimela tse ratang mofuthu. Poone e hloka nako e telele empa mefuta e meng ya dimela tse hlokang nako e kgutshwanyane e se e le teng.

Ho Mela

Ho na le bonyane ba themphereitjhara, themphereitjhara e lokileng, ho mela kapele ka nako e kgutshwanyane ka ho fetisisa le themphereitjhara e hodimo haholo eo ho mela ha semela ho etsahalang ka yona. Dithemphereitjhara tsena di a fapana ho ya ka ho se tshwane ha dimela.

Translated by Maletsatsi Sejake