Springhare
Tshipjane

© Nigel Dennis

Lebitso

Tshipjane [Pedetes capensis]

Selelekela

Lebitso le tlwaelehileng la phoofolo ena le a kgelosa, hobane ke nnete hore ke sekokoni e seng mmutla. Tshipjane di atisa ho jewa ke baAforika ka mokgwa o tshwanang le oo mofudi o ntse o tsongwa lefatshe ka bophara.

Tjhadimeho

Mmele le hloho ya tshipjane di bolelele ba dimilimetara tse 400 ha di kopane le mohatla wa dimilimetara tse 440. Tshipjane e kala dikilogeramo tse tharo empa ke yona feela sekokoni seholo se tlolang ka maotomabedi lebatowang lena. Maoto a teng ka pele a makgutswane empa a ka morao a maholo, e tshwana hape e itshwara jwalo ka kankaru. Di na le ditsebe tse telele le hloho e tshwanang le ya mmutla.
Mmele ka hodimo o bosehla bo ya bosootho le bokgubedu. Mohatla o na le ntlha e ntshotsho. Dimpeng mmala wa yona o ka ba mmala wa lamunu kapa tshweu. Ditshipjane tsohle tse tona kapa tse tshehadi di a tshwana.

Dijo

Tshipjane e ka metso ya jwang, kutu, dipeo le mahlaku ebile e batlisisa jwang bo botalatala bo nang le porotine le metsi. Tshipjane e tsamaya ka maoto a mane empa e dula maotong a mabedi le mohatla ha e ntse e ja, hore e kgone ho tshwara dijo ka maoto a ka pele seka matsoho.

Boitshwaro

Tshipjane e kgona ho matha ka maoto a yona a ka morao ho baleha dibatana, jwalo ka dinonyana le mangau. Di atisa ho phela jwang bo kgutswane moo dijalo di leng mmalwa kapa lehlabatheng moo di ka tjhekellang teng.

Di fumanwa kae

Ntleng le mahwatateng le merung, tshipjane e teng hohle Aforikaborwa hahololo masabasabaneng a phara a ommeng le naheng he mongobo.

Dinoutu tsa naheng

Tshipjane ke sejo se bohlokwa bathong ba Aforika ka bophara ke ka baka lena di mmalwa mabotweng a kontinente ka bophara.