Scrub Hare
Mofudi

© Roger de la Harpe

Lebitso

Mofudi [Lepus saxatilis]

Tjhadimeho

Mofudi o moholo bakeng tse borwa (o kala dikilogeramo tse 2.7 -4.5) ho feta tse bokone (o kala dikilogeramo tse 1.5 – 3.2). Dithong tse hodimo mmeleng di putswa ka tlase di tshweu. Mofudi o na le ditsebe tse telele tse putswa ka mmala, mmoho le mohatla o motshweu le motsho phoofolo ena e a bonahala ha e baleha.

Dijo

Mofudi o ja jwang bo tala bo kgutswane empa ka nako tse ding mofudi o ka ja mahlaku, dikutu le metso ya jwang bo ommeng.

Tswalo

Tswalo e ka Loetse ho fihlela Hlakubele, empa e ka tswala nako e nngwe le e nngwe ya selemo, madinyane a ka bang a mararo. Mafahla a mararo a tlwaelehile ka nako tsa dipula. Di tla tswala le ka komello.

Boitshwaro

Mofudi o phela o le mong. O tshehadi e ka tsamaisana le o tona ka nako ya ho tswala. Di atisa ho ba merung, jwang bo bolelele le savanneng.

Di Fumanwa Kae

Di fumanwa hohle Aforika Borwa empa ha e yo difateng, mabopong le dibakeng tse ommelletseng tsa Kapa Bokone.

Dinoutu tsa Naheng

Mofudi a tsejwa ka ho mathela ka pele ho di koloi bosiu, di ntse di tlolatlola, ho tlola hona ke mokgwa wa hore di se ke tsa thehwa empa ho thwe morithi wa mabone a koloi a tshosa mofudi ka ho fetola tsamaiso.