Sable
Kgama

© Nigel Dennis

Lebitso

Kgama [Hippotragus niger]

Tjhadimeho

Ena ke phoofolo e kgolo e ntlentle. Kgama e tsejwa ka boya ba teng bo benyang bo botsho ka dintlha tse tshweu ka tlase le sefahlehong. Tse tshehadi le tse nyane di sootho ka mmala. Dikgama tsohle di na le moetse e tiileng o motsho molaleng ho ya mokokotlong wa tsona. Bolelele ba tse tona mahetleng ke dimetara tse 1.4, di kala dikilogermao tse 270.
Tse tshehadi di nyenyane. Dikgama tsohle di na le manaka a malelele a nang le metlopotlopo a shebelang morao. Dintlha tsa manaka ao a boreledi empa a bohale. Manaka a ka reng skimitara a tse tona tse hodileng a ka ba bolelele bo dimetara tse 1.2.
Manaka a dikgama tse tshehadi a makgutswane hape a masesane. Ditsebe tsa tsona di kgubedu ka morao empa di kgutswane ho tsa letsa. Manaka a madinyane a hlahella ha a le dikgwedi tse pedi.

Dijo

Kgama e ja jwang. E atisa ho ja selokana, seboku le mefuta e meng ya Brachiaria, Urochloa le Pancium.
Di ja mefuta e meng ya jwang bo holang haufi le matsha. Kgama e fula dimela tse telele. Di atisa hape ho kukura masapo a diphoofolo tse shweleng ho lwantsha kgaello ya fosforase.

Tswalo

Dikgama tse tshehadi di bontsha bokgoni ba ho tswala ha di le dilemo tse tharo, di beleha hangata ha di le dilemo tse tharo. Nako ya tswalo ke matsatsi a 270, ka morao ha moo di tswala namane e leng e kalang dikilogeramo tse 17.
Namane di patwa jwang bo bolelele bekeng tse pedi ha di qeta ho hlaha, ka nako ena di etelwa ke mmatsona ho nyanya le ho hlatswa. Namane di ja jwang di sa le nyane ebile di kgwetswa ha di le dikgwedi ts robedi.

Boitshwaro

Kgama e mahlahahlaha mesong le phirimane, di atisa ho nwa metsi motshehare o moholo. Ena ke phoofolo e atisang ho phela le tse ding e leng mohlape, mehlape ena e a fapana ka boholo.
Ka nako ya tswalodihlopha tse nyane tse nang le dikgama tse tshehadi tse immeng di a arohana ho tse kgolo tseo di nang le dikgama tse nyane tse sa tswaleng. Mariha, mehlape e meholo e a kopana masabasabaneng. Dikgama tse tona di tebela tse tona tse yane ha di ba dilemo tsa ho tswala.

Lehae

Di atisa ho dula disavanneng tse bulehileng kapa masabasabaneng, moo di kgethang ka baka la jwang bo bolelele ho di sireletsa.

Di Fumanwa Kae

Kgama ha e sa le ngata kajeno ho tshwana le kgale. Aforika Borwa di ngata haholo Kruger National Park. Di teng hape dibakeng tse sireletswenf moo kgama e kgutlisitsweng teng kapa e tlisitsweng moo di ne di le siyo pele.