Reedbuck
Motlapasi

© Roger de la Harpe

Lebitso

Motlapasi, Reedbuck [Redunca arundinum]

Tjhadimeho

Metlapasi e kala dikilogeramo tse 70, dipheleu tsa teng di na le bolelele bo mahetleng ba dimilimetara tse 950. Tse tshehad di nyenyane empa di bolelele ba dimilimetara tse 800 mahetleng., dikala dikilogeramo tse 51.
Boya ba teng bo boputswa le bosootho ka bo bosweu ka tlase dimpeng. Mohatla o bohlahla ka ntlha e tshweu. Motlapasi o na le tshweletsa nokeng e ntshang metsi a dikonokono, dipheleu di na le para e nngwe ha metlapasi e tshehadi e na le dipara tse pedi. Tshweletsa e na ha e thuse ka ho tshwaya lehae.

Dijo

Tshepe ena e atisa ho fula. Ha jwang bo le siyo, di tla ja dinoko tse mmalwa. Ha nako di le thata, di tla fula motshehare le ha e le phoofolo e mahlahahlaha bosiu.

Tswalo

Motlapasi o tshehadi o tla tswala ha e na le kgwedi tse 15 -18, dipheleu tsona ha di tswala ha di le dilemo tse pedi. Nako ya tsona ya ho tswala ke selemo kaofela empa madinyane a atisa ho tswalwa haholo ka lehlabula.
Ka morao ha nako ya tswalo ya matsatsi a 225, ho beleha konyane e leng feela. Masea ana a patwa ho fihlela a le dikgwedi tse tharo, ke ka baka lena di dulang moo ho kwahehileng.

Boitshwaro

Tshepe ena e lekaneng e fumanwa ka malapa a manyane. Ha e matha e na momatho o kgethehileng ka mohatla o emeng, momatho ona o hlahisa bosweu bo dimpeng. Motlapsi o atisa ho dula sebakeng se le seng.
Pheleu di sireletsa balekane ba tsona ho dipheleu tse ding. Tse tshehadi di hola ha di siya lapa la lona ho theha lapa la tsona. Dipheleu tse nyane di a dumellwa ho dula lapeng ho fihlela di na le dilemo tse tharo. Motlapasi o amana le Motlapasi wa thabeng.

Lehae

Tshepe ena e atisa ho phela merung e mengobo. Ka bomadimabe, dibaka tsena di se di le mmalwa le palo ya motlapasi o theohile.

Di Fumanwa Kae

Matsatsing ana, tshepe ena e ka bonwa Kruger National Park, mabopong a botjhabela ba St. Lucia, phakeng ya diphoofolo ya Hluhluwe le tse ding tsa KwaZulu-Natal.