Pale eo Benjamin Pogrund a e ratang ya Mandela

© Eric Miller

Mathata a le Mang

Hara dipale tse ngata ka Mandela eo ke e ratang ke ha a ne a mpolella ka Jules Browde, monna wa lekgowa ya tsebahalang eo e leng moemedi wa Johannesburg, ya neng a sireletsa boradipolotiki ba bangata ba nakong ya kgethollo. Dilemong tse fitileng ke ile ka sebedisa pale ena bukeng e nyane ka Mandela o bolela tsa baithuti sekolong se phahameng.

Browde o letsetsa Mandela a mo tsebisa hore yena le molekane wa hae ba ya dijong tsa bosiu mme mora wa hae ya dilemo di nne o setse le motho e motsho, a lla, ‘ha ke batle ho sala le sefahleho se setsho’. ‘Browde o jwetsa Mandela hore o ne a sa utlwisisi, re batho ba bulehileng seatla ebile ha hona mohlala wa kgethollo lapeng la rona’.

Mme Mandela a re ba ne bana le bothata bo jwalo lapeng labo, akgutlisetsa: makgowa a ne a re etetse haka mme ha ba tsamaya ngwana hae a re, ‘Hobaneng ha hotla makgowa mona?’ Mandela a araba, ‘Ha se batho kaofela ba nang le dipelo tse tshweu. Ba bang ba nale pelo tse ntsho.’

Translated by Sibongile Sonopo

Mandela and Benjamin Pogrund's Family

Lelapa laka le nale tsebo e ikgethang ka mosa wa Mandela. Ka Pherekgong 1986, mora waka Gideon o ne a keteka bar mitzvah, e leng mokete o et...more