Molemo wa Mahe a Dinotshi wa Ho Phekola

© The University of Waikato Te Whare Wānanga o Waikato
Ntle le ho ba le phepo e nepahetseng le matla a fanang ka dijo, mahe a dinotshi a nnile a tsejwa ho tloha mehleng ya boholo-holo ho ba le dithebala-mafu le ho lwantsha baktheria. E ne e sebediswa ke dingaka tsa Bagerike, tsa Roma, tsa Baegepeta le tsa Machaena ho phekola malwetse a malag a kang diso tsa ka maleng le pheko ya ho opelwa ke ditsebe, mmetso e bohloko le ho kgohlela ha e le India, mahe a dinotshi a lotus a ne a sebedisetswa ho phekola mafu a mahlo.
Mahe a dinotshi a phekola malwetse mme a fodisa maqeba, ho akarelletsa le ho chesa hammoho le ho longwa ke dikokonyana. Ho sebediswa ha mahe a dinotshi ho ka thusa ho fodisa maqeba a tshwaetswang a sa arabeleng ka dithibela-mafu le dibolya dikokwana-hloko. Bothata ba mahe a dinotshi bo boloka maqeba a le mongobo mme bo fana ka thibelo ya ho thibela tshwaetso.
Mahe a dinotshi a phekola psoriasis, a thusa ka ho hlwekisa leqeba le ho tsosoloswa ha disele. Diphuputso tse seng kae tsa morao-rao di bontshitse mahe a dinotshi ho fokotsa tswelo-pele ya kankere.
Maemo a molemo wa mahe a dinotshi a bongaka a na le matla a matla a baktheria a kgahlanong le dibaktheria tse hanyetsanang le dithibela-mafu tse ka bakang mafu a sokelang bophelo bathong. Leha ho le jwalo, thepa ya dikokwana-hloko e fapana ho ya ka mohlodi wa lero. Mahe a dinotshi a sebedisetswang meriana ya phekolo ya meriana kapa ya kalafo e lokela ho sebediswa ka bonyane, a tlhotlilweng empa a sa futhumatswa. Mefuta e meng e kang mahe a dinotshi ya manuka e ka rekiswa ka ho kgetheha e le ditlhare tsa batho ka lebaka la mohlodi wa tsona o kgethehileng wa semela le dihlahiswa tse ikgethang tse hlahisitsweng.

Mahe a Dinotshi a Manuka

Mesebetsi e mengata ya dikokwana-hloko ka mefuta e mengata ya mahe a dinotshi e bakwa ke tlhahiso ya enzymatic ya hydrogen peroxide, e nang le dikokwana-hloko tse bonolo. Bafuputsi New Zealand University of Waikato ba fumane ka 1981 hore mahe a dinotshi a Manuka a na le di enzyme tse phahameng haholo ho feta mahe a dinotshi. Ke di enzyme tsena tse bopang tlhaho ya hydrogen peroxide. Matla a ho lwantsha baktheria a mahe a dinotshi a manuka a hlaloswa e le UMF - Unique Manuka Factor - mme a netefatsa boleng ba yona ba meriana.
Mahe a dinotshi a manuka a lwantsha mafu a Staphylococcus aureus mme a thusa ho sebetsana le maemo a tswang ho makgopo le maleng ho ya ho acid reflux le mekgwa ya ho itshireletsa mafung.

Tlhaloso ea Bongaka

eEmoha ka kopo: Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Bongani Matabane