Mangangajane

©Louise Brodie
©Glenneis Kriel

Dirosa ke monokotshwai o omisitsweng wa morara mme lentswe la morara o omisitsweng, ke lentswe la Sefora bakeng sa morara. Morara o omisitsweng  o hlahiswa kgwebong, ka ho omisa morara o kotulitsweng,mme hangata e tswekere, le ka lebaka la tswekere e ngata.

Mangangajane a hlahiswa dibakeng tse futhumetseng tsa lefatshe. Mefuta ya mangangajane e itshetlehile ka mofuta wa morara o sebedisetswang ho etsa morara o omisitsweng mme ka hona ho na le mebala le boholo bo fapaneng, e kenyelletsang botsho, ba sootho,  perese le bosehla. Ho na le mekgahlelo e meraro ya morara omisitsweng: Sehlopha se tsebahalang haholo ke morara o moholo, o monate, o sootho kapa o perese.

Sehlopha sa bobedi ke morara o moholo o monate, o boreledi, o mmala wa kgauta, oo hape o bitswang sultanas. Sehlopha sa boraro ke sa morara o monyane o omisitsweng o moputswa o tswang ho morara o motsho o se nang peo o Korinthe, o tsejwang hape e le di ntho tse etsahalang mothating ona.

Translated by Sebongile Sonopo

Thlahiso ya Mangangajane

Turkey ke yona e hlahisang morara wa kgale ka ho fetesisa mme e ntse e le naha e hlahisang morara o moholo ka ho fetisisa lefatsheng. Sena s...more