Leopard
Nkwe

© Shem Compion

Lebitso

Nkwe [Panthera pardus]

Tjhebahalo

EE nale mabadi a matsho a takuweng jwalo ka palesa, e takuwe ka bosehla ba kgauta ka mokokotlong. Di nale le letheba le leng le letsho molomong o ka hodimo le hlohong. Mohatla wa yona o mosweu, o qopeditswe lehlakoreng le ka tlase. Katse ena e kgolo le ho feta Lengau, mmele le hloho ya tsona di bolelele ba dimitara tse 1.6-2, mohatla o bolele ba dimitara tse 0.68-1.1. Tse tshehadi di nyane ka boima ba dikilogram tse 17-60 ha tse tona dile boima ba dikilomitara tse 20-90. Bolelele ba mahetla ke dimilimitara tse 700-800. Ke Katse e mafolofolo bosiu ebile e kgolo dikatseng tsohle.

Dijo

Nkwe e ja dijo tsefapaneng ho amohela maemo ohle. Le e ja matsa a itekanetseng le a manyane e tsebahala hape ka hoja Ditshwene, Ditlhapi, Ditweba le dihahabi. Nkwe ke phoofolo e kgonang ho ikamahanya le maemo ohle bakeng sa hore e phele.

Tswalo

Di tswala nako e nngwe le e nngwe ya selemo, ha ena nako e itseng ya ho tswala. Leloko la Nkwe le hlaha ka mora boimana ba dikgwedi tse tharo lehalofo, e tswala madinyane a 2 kapa 3. Madinyane a yona a patwa mekoting le merung, Nkwe e hlomela madinyane a yona ka hloko ho dira tse kang Tau, Lengau le diphiri tse ka tlang diphofung. Madinyane a hlokomelwa ho fihlala selemong, di ntse di rutwa hore di ka phonyoha jwang direng tsa tsona.

Boitshwaro

Di dula hodimo motsheare di orile letsatsi, di tsoma bosiu. Le ha feela dibakeng tse ding ho tsoma motsheare ho tlwaelehile. Mekgwa ya tsona e tlwaelehileng ya ho tsoma ke ho otla, ho tsometsa, e bolaya diphofu tse kgolo ka ho di loma e di tshwara ka molala ho di tima moya. Di phofu tse nyane e di loma ka mora molala ho di kgaola mohano. E tlosa boya ba yona kapele pele e sa tjhesa e ja letlalo le kahare le bonolo. Mala a yona a sala a pitika katshe a santeng le bojwangng, ke diphoofolo tse bobebe ho ngwarapella. Ha hona le tshitiso ya diphoofolo tse ding e nka mmele ona wa phoofolo e shweleng ho o itsa hodimo sefateng. Tse tona di tshireletsa tse tshehadi hoisa tse tharo. Tse tshehadi di sireletsa dibaka tsa tsona kgahlano le tse tshehadi tse ding.

Bodulo

Nkwe e rata maemo a mang le a mang a lehodimo, mefuteng e fapaneng ya bodulo. E fumanwa lebopong la lewatle, ho ya boleleleng ba dimitara tse 200, boholo ba lewatleng, merung, mahwatateng, seka mahwatateng, dithabeng, morung o ommeng le Mafikeng. Ha di ya tshepela dibakeng tse nang le metsi. Dinkwe di bonahala di ntse di fela ho ya ka dilemo, di fumaneha haholo dithabeng tse hlaha le merung e teteaneng ka hara Afrika Borwa, ntle le di polasing tse hlokomelehileng.

Moo di fumanehang teng

Dinkwe di shebellwa dibakeng tsa tsona tsa tlhaho, dipapading tsa pokello ho ralla le Afrika Borwa re kenyelletsa le Kruger National park Mpumalanga le Pilanesberg Natioanl Park profinsing Borwa Bophirima. Tse kgethetsweng thoko di fumaneha Drakensberg Mountain Range le dipapading tse ding tsa pokello tse ikgethang Afrka Borwa.