Jackalberry
Monokotshwai

© Shem Compion

Lebitso

Monokotshwai (Jackalberry kapa African Ebony)

Lebitso la selatini

Diospyros mespiliformus

Tlhaloso

Monokotshwai ke sefate se ka holang ho ba selelele, ho fihla maotong a 80, ka kutu e lediboho la maoto a 16. Boholo ba sefate bo ka fihla bolelele ba maoto 15-18. Kutu e hola e otlolohile ka bolelele, ka lekala la pele le holang le hasane ibile le le hole le lefatshe, kutu e tiileng ho tlowa sefateng se boima ena le makodilo, e paqame ho dima dikutu tse e otlollang.

Makgapetla a sootho bo tibileng ha a le manyane, a fetohela ho ba boputswa bo tibileng ha sefate sentse se hola, a kgorofo, a etsa sebopeho sa matswedintsweke, se nale makgapetla a matala a teteyaneng a qhalaneng a nang le meqhaka. Lekgasi le lelelele le motopo mme le diintjhe tse 5.5 ka bolelele, le diintjhe tse 3 ka bophara, diboreledi mme qetellong le a ikharela. Makgasi a tsofetseng a phatsima a tshebaha jwalo ka letlalo, a matala bo tibileng hodimo mme tlase a matala bo kganyang.

Makgasi a manyane le makala a apesitswe ka boyanyana ha dintse di le nyane difate ha dilahlehelwe ke makala, empa ha di se dihola di lahla makala ka nako ya selemo. Makala a matjha a hlaha ho tlowa ka Phupjane ho ya Mphalane mme a pinki, lamunu kapa a makgubedu ka mmala. Aya fapana ka mmala ho tlowa bokgubedung bo kganyang ke bosootho hoya moo e batlileng eba botsho. Sefate sena ke karolo ya leloko la Ebenaceae,mme e tsebahala jwalo ka African Ebony.

Palesa

Dipalesa di nyane diya foforeha. Dimonko o monate ditshweu ibile ke dipalesa tse nang le moriri. Tse tona le tse tshehadi di arohane, diholela difateng tse fapaneng. Tse tshehadi di holela lehlakeng le nang le moriri ha tse tona di hola ka sehlopha. Ditholwana dihlaha fela sefateng se setshehadi fela.

Tholwana ya sefate sena ke thatohatsi ya diphoofolo tse ngata. Tholwana e bonolo e motopo, e batlile eba kgikwe mme e intjhe e lenngwe e tshehla kapa bosehla bo botala. Ena le mahlaka a 5 a dipalesa ao ditholwana dihlahang fatshe, qetello di kobehile di shebile morao. Ena le dipeo tse 2-6 tse tsutsubaneng ha hara tholwana. Letlalo le kgorofo empa le a jewa tholwana le mmala wa tjhoko ena le tatso ya sirilamunu dika jewa dile foreshe kapa dibolokuwe dika omiswa mme hwa etswa folouru.

Biri le borendi di ritetswe hotswa ho sona. Ha tholwana e botswitse ka ho phethahala eba perese ka mmala, empa hase hangata e bonwang ka mmala ona hobane e jewa ke diphoofolo le pele e butswa. Diphoofolo tse kang nyala, impala, kolobe ya morung le ditshwene dirata hoja sefate sena. E fumane lebitso la yona ka lebaka la hobane peo ya sona e fumanwa ha ngata seretseng sa diphokojwe, makgasi a sona a jewa ke ditlou, ditshukudu, dithuhlo, dikubu le dinare.

Tshebediso

Pelo ya patsi eya silwa ha sesame e sebediswa bakeng sa ho etsa foluru le difanishara tsa theko e hodimo. Kutu e sebediswa ho etswa diketswana, tatso ya yona e makgasing, makgapetleng lemetsong mme e sebetsa ho emisa madi. Sefatese sebetsa hape ele sethibela dikokwanahloko se fodisang maqeba.

Motswako o entsweng ka metso o sebediswa ho baleisa dikokonyana mme e ka sebediswa hape bakeng sa lefuba, se ka sebediswa hape ele moriana wa lepera. Dipeo di jewa jwalo ka matokomane. Tholwana e sebediswa ho ritela jwala kapa e bidiswe ho etsa veine. Tholwana le dikarolo tsa semela dina le tatso.

Moo difumanehang

E fumanahala Arika, Senegal, Sudan, Namibia le Borwa ba Transvaal. E tlwaelehile haholo morung, ya patsi moo e fumanwang e hola dithabeng tsa bohlwa. Mobung o nonneng dithaba tsa bohlwa difa sefate mobu o nang le kgasi le mohlodi wa mongobo, methapo e fan aka tshireletso ho bohlwa. Jwalo kaha di phela mobung o shweleng mme bohlwa ha boje patsi e phelang. Patsi ya sefate sena ha e jewe ke bohlwa ka morao hore e kgaolwe.