Ho Tlowa Robben Island ho leba Motse Kapa

Ho Tsamaya Lepolankeng

©Roger DelaHarpe
Baeti ba dumelletswe ho utulla tse fetileng ho fetala seleng le honka ditshwantsho, fela ditshwantsho dine di sa hlaka ka baka la botebo ba sele kapa ho ya ka moo dintho di neng dile ka teng. Haele hantle, haho bonolo ho hlalosa ka moo motho a neng aka nahana hore ho kaba le motho a neng aka dula sebakeng se sekalonyana ka pelo e phuthulohileng. Yena (le batshwaruwa ba bang) ka nnete ba phahamisa moya wa Afrika Borwa, mme rele hlohonolo ho feta tekanyo ho nahana hore ba tswile tjhankaneng ka pelo tse phuthulohileng ho ya ka tjhebo.
Mme ho a kgahlisa hore bongata ba baetapele ba batshwaruwa ba pele ba polotiki ya Afrika Borwa e lokolohileng ba tlohile ho tlowa tjhankaneng ho leba palamenteng, ntle le tsebo enngwe. Ka morao ho mosebetsi wa setso o ileng wa etswa seleng, baeti ba feeletswa hotswa ka tjhankane ke batataisi ba bana bantsha ho kgutlela morao moo batla fumana seketswana setla ba kgutlisetsa motse Kapa. Nakwana eo o sa na le yona, okanna sheba thoko ho lebenkele, kapa o ka itsamaela ho feta tseleng e nang le patsi, e o fang tshebeho ya tlhatswana hantse di tswela kantle.
Seketswana se leba Motse Kapa ho se le menahano feela mehopolong ho tswa ka sehlekehleke. Ke nako hape ya hore o dule o nahanisisa seo o se boneng. Batho ba fapane mme le mehopolo e fapane le diketso di keke tsa tshwana nakong eo ba bileng le yona Robben Island. Ba bang baka enka ka moya ha babang ba thabetse boitelo ba batshwaruwa ebileng le pheletso e monate mme e amohelehileng. Ebe honale bao ba inahanetseng ka tahi ha babang ba nahanne hore ebe batla ja kae dijo tsa mantsibuya.

Leeto le Amang Maikutlo

©Roger DelaHarpe
Feela, hore na o arabeela leeto la Robben Island, e dula entse ele leeto le bohlokwa le motho a lokelang ho feta ho lona haholo jwang MaAfrika Borwa, kaofela le baahi ba lefatshe. Le ha eba o kgahlwa ke ho tsebahala ha Mandela, ako leke ho boha botho bo ka hare oko itete hore o be le tsebo e tletseng. Ke leeto le mahlokono le amang maikutlo, bongata ba baeti ba ile ba tshwarwa ke lefu la pelo nakong ya bona ya ketelo mona sehlekehlekeng.
Hang morao Waterfront, botle ba motse Kapa hang ha o feta, le mehoo ya thabo ya tokolloho Afrika Borwa ke ba bohle ba phelang ho yona. Feela, pele oka tansetsa Afrika Borwa ya jwale e ncha, beha menahano ya nako e fetileng. Le ha hose bonolo ho lebala bohloko ba nako e telele, feela pheletso ke e thabisang eo re e thabelang, ena e tloba kgutso ya phoso ka ho hopola feela nako tse thata tsa tshotlo nalaneng ya Robben Island, na ebe re ne reka ithuta kapa ho netefatsa dithuto ho lefa madi a senang molato bathong ba fetetseng mokgahlelong o latelang. Ha re duleng rentse re hopola bohlokwa ba mantswe a mabedi a ntlafaditsweng seemahaleng se emeng makenong a Dachu le Nazi kampong: o se phete hape.

Translated by Sebongile Sonopo