Ho Nosetswa Ha Makgulo

© U.S. Geological Survey

Makgulo a nosetswa neng le teng ho hlokeha metsi a makae? Kapa ho a hlokeha hore ho nosetswe? Ho ya ka sebaka, pula e ka fepela metsi a lekaneng bakeng sa dimela tse itseng, empa ka nako ya ho fetoha ha boemo ba lehodimo, ho nosetsa ho a hlokeha ho tlatseletsa ho na ha pula.  

Metsi a mangata haholo, ntle le hore ke tshenyo le ho ba theko e hodimo, a ka dutlisa le dimatlafatsi mme ho bake le mobu o fupileng metsi. Ka hlakoreng le leng, metsi a sa lekanang a ka sitisa kgolo ya semela.

Ditlhoko Tsa Ho Nosetswa Ha Dimela Tsa Makgulo

Clover
Clover e jalwa dibakeng tse loketseng tlhahiso ya jwang ba rye. Clover e kgubedu le e tshweu e hloka 800 mm kapa ho feta ka selemo. Ho nosetsa: 25 - 50 mm ka beke. Ha e kgone ho mamella komello. Mofuta wa clover wa balansa o ka jalwa dibakeng tseo pula ya teng e leng ka tlasa 350 mm ha clover ya Berseem yona e hloka pula ya palo-hare e ka hodima 600 mm, kapa ka tlasa moo ebang e tlatseletswa ka ho nosetswa.

Cock’s foot
Cock’s foot e hola hantle boemong bo phodileng ba lehodimo ka pula e fetang 900 mm. E hola hantle ka ho nosetswa empa eseng jwaloka dimela tse ding tsa makgulo.  

Eragrostis tef 
Tef ha e hloke ho nosetswa ka ha e hola hantle dibakeng tse ommeng kapa moo pula e leng ka hodima 400 mm.

Fescue
Fescue e jalwa hangata moo pula e nang haholo mme e ka una molemo ka ho nosetswa dikgweding tse ommeng tsa mariha dibakeng tsa pula ya lehlabula.E loketse ho jalwa dibakeng tse seretse kapa mobung o metsi.

Jwang ba foxtail buffalo
Jwang bona bo kgona ho mamella komello e kgolo, foxtail e ka kgona ho hola dibakeng tseo ho nang pula e pakeng tsa 100 mm - 1 000 mm ka selemo, empa ha e kgone ho mamella mobu o fupileng metsi. Ha ho nosetswa, furu e ka kotulwa makgetlo a menahaneng ha leshome sehleng ka kgefutso ya matsatsi a 35 ho ya ho a 40. 

Jwang ba Guinea (Panicum maximum)
Ho hlokeha metsi a fetang 500 mm ka selemo ho hodisa semela se setle sa jwang ba Guinea.

Kikuyu grass
Pula e fetang 750 mm bakeng sa tlhahiso ya Kikuyu e a hlokeha, feela e ka hola le dibakeng tse pula e fokolang moo ho nosetswa ho hlokehang ho tlatseletsa tlhokeho ya metsi ya jwang bona.

Lesere
Le loketse ho ba makgulo a sebaka se ommeng moo pula e leng ka tlasa 500 mm, tjhai ya lesere e a ntlafala moo ho nosetswang.

Paspalum
E ka nosetswa kapa ho jalwa dibakeng tse ommeng moo pula e leng ka tlasa 650 mm.

Jwang ba Rhodes 
Rhodes e hola ka tsela ya tlholeho dibakeng tse ommeng tsa Eastern Cape empa e ka hola le dibakeng tsa subtropical tsa pula e 400 mm - 1 000 mm.

Jwang ba rye (selemo le selemo)
Ha bo a lokela tlhahiso ya dibakeng tse ommeng. Jwang ba rye bo lokela ho jalwa dibakeng tse nang le pula ya lehlabula ya palo-hare e ka hodima 1000 mm. Kgothaletso ya ho nosetsa boholong ba mobu ke 25 mm matsatsi a mang le a mang a 4 ho ya ho a 5 ebang ho jetswe ka Pherekgong/Hlakola e be 25 mm beke e nngwe le e nngwe nako ya kgolo e setseng. 

Jwang ba rye ba nako e telele (perennial)
Bo loketse ho jalwa dibakeng tse phodileng moo pula e nang ho ya le sehla mme e feta 1 000 mm.

Jwang ba Smuts finger 
Bo ikamahanya le dibaka tse ommeng mme bo rata pula ya lehlabula e fetang 500 mm. Ha bo a lokela mobu o fupileng metsi.

Mmela
Jwaloka semela se kgonang ho mamella komello, mmela o loketse ho ba makgulo a sebaka se ommeng moo pula e leng 400 mm kapa ho feta. 

Babala  kapa mabele a millet (Pennisetum glaucum)
Le sona e leng semela se mamellang komello, babala e loketse ho ba makgulo a sebaka se ommeng moo pula e leng 400 mmm kapa ho feta. Ha e kgone ho mamella mobu o metsi.

Jwang ba mohlomo (Eragrostis curvula
Jwang ba mohlomo bo rata mobu o bobebe le pula e fetang 650 mm empa bo ka phela moo palo-hare ya pula e leng 450 mm. Ho nosetsa ho ka tlatseletsa ho na ha pula.

Makgulo a Nosetswa Neng

©Chris Daly

Makgetlo a ho nosetsa a itshetlehile mofuteng wa semela, boteng ba metsi,metsi a teng mobung, sekgahla sa mouwane le botebo ba metso ya semela sa makgulo. Lekgotla la diphuputso tsa metsi (The Water Research Council) le kgothaletsa hore lekgetlo le leng le le leng ha ho nosetswa, mobu o lokisetswe boemo ba ho ba masimong sebakeng sa metso sa semela. Ka mantswe a mang,hona ho bolela ho nosetswa nako e telele makgetlo a mmalwa.  

Hangata, ho nosetswa ho etswa nako e se e ile ho ka nnang ha baka tiehiso ka ho nontshwa ke nitrogen. Boholo ba nako, monontsha o tshelwa kamora hoba makgulo a fulwe kapa a kotulwe bakeng sa furu le pele ho nosetswa. 

Translated by Maletsatsi Sejake