Ho Kgetholla Mathata a Dikgoho - Sheba

© Chris Daly

Ho sebedisa tsebo ya basebetsi le ditsebo tsa hau ho tla u thusa ho lemoha mathata pele a tswa taolong. Mona keletso e tswang Setsing sa Dipatlisiso sa Temo ya Onderstepoort Veterinary Institute mabapi le seo u lokelang ho se ela hloko:

Ho Arolwa ha Dinonyana

©Chris Daly
Ha u kena sebakeng sa tlhahiso, sheba palo ya dinonyana. Dinonyana tse batang di tla rwala hammoho, ha dinonyana tse chesang di tla bokella dibakeng tse phodileng mme di eme kapa di robale ebe di leka ho itshilafatsa.
Ho bokella ha tsona ho ifepa kapa ho nwa ho ka nna ha bontsha hore ha ho na dino tse lekaneng kapa tse ifepang, tse tla fella ka tlhodisano le dinonyana tse fokolang di dula di fumana metsi a seng makae kapa dijo ho feta balekane ba bona ba matla. Komello e ka boetse ya etsa hore dinonyana di bokelle dibakeng tse nang le metsi.

Ponahalo ya Kakaretso

©Chris Daly
Sheba ponahalo ya kakaretsang ya dinonyana. Na di shebahala di phetse hantle, di tepeletse maikutlo kapa di kgelohile. Na ho na le matshwao a ho kobola masiba? Na u bona dikgechana tsa lefatla ho dinonyana?

Sheba boholo ba dinonyana. Na dinonyana tsohle di ya lekana kapa di nyane ho feta tse ding? E ka ba lebaka lefe la ho se tshwane hona? Na dinonyana tse ding di ne di fokola ka ho qala, na ho na le dinonyana tse kulang kapa tse matla ho di thibela ho ya dijong?

Dikarolo tse Fapaneng tsa Mmele

Ka mora moo u lokela ho hlahloba dikarolo tse sa tshwaneng tsa mmele ho tloha hloohong ho ya mohatleng.

Hlooho le Molala

©Chris Daly
Ditlhaku le makgakgapha di lokela ho ba kgubedu, di se na ho itsheha kapa ho ruruha. Ntho e fosahetseng haeba ditlhaku kapa makgakgapha di le putswa kapa di ntsho, ha mmala o pinki o palesa o ka nna wa bontsha ho kula, ho tswaetswa ke di kokwana-hloko, ho fellwa ke mocheso kapa feela hore nonyana ena e ntse e tswela pele ho hlotheha ha masiba a selemo le selemo, e leng mokgwa oo di lahlehelwang ke masiba mme ho hola ho hocha mang.
Mahlo a lokela ho ba a pota-potileng, a bulehileng a bile a kganyang. Ntho e fosahetse ha mahlo a kwetswe, mmala o bopehileng jwaloka mmala o mosweu kapa ho na le ho ntsha metsi.
Dinko di lokela ho hlweka le ho buleha ho dumella phefumoloho e tlwaelehileng. Ho hang ha hwa lokela ho ba le mokedikedi o tswang matonong, kaha sena se ka nna sa etsa hore dikokotwana di thibele meno. Sebaka pakeng tsa mahlo le dinko ha sea lokela ho ruruha.
Ha u shebile molomo, e lokela ho ba sebopeho se tlwaelehileng ntle le dikarolo tse feletsweng ntle le haeba e le lesela ho tloha ho bafani ba thepa ho tlola karolo e ka hodimo ya molomo ho thibela dihlopha hore di se ke tsa nyalana. Hangata molomo o kwalwa nakong ya maemo a tlwaelehileng, empa e tla buleha ha nonyana e phefumoloha ka matla ha dinko di kwetswe, nonyana e tlasa kgatello kapa e futhumetseng haholo.
Melomo ha ya lokela ho ikutlwa e le bonolo le ho ba bo kang rabara. Molala o lokela ho ba matla le ho otloloha ho boloka hlooho e phahameng. Ha ya lokela ho fokola le ho sotheha.

Mmele

©Chris Daly
Mmele oohle o lokela ho kwahelwa ke masiba, ntle le mefuta e meng eo molala le sefubeng di ka bang le yona. Hangata masiba a thella kgahlanong le mmele mme a tsoswa ha dinonyana di robetse, serame kapa nakong ya ho kula. Sheba pakeng tsa masiba bakeng sa dinta, matsetse le dikokwana-hloko. Hangata mekotla e fumanwa ho pota hlooho le dintlheng ka masiba a molala le ka tlasa mapheo.
Masiba a lokela ho hlweka. Masiba a mabe a nang le dikgahla tse potolohileng moya o ka nna wa eba pontsho ya letshollo. Ho ruruha ho potoloha moya ho ka nna ha eba pontsho ya lehe le ke keng la feta.
Maoto a lokela ho ba matla, a otlolohileng le a boreledi, hangata a ena le mmala o mosehla. Ho hang ha hoa lokela ho ba le mekgabiso, ho ruruha kapa dikokotwana maotong mme dinonyana di lokela ho tsamaya ka mokgwa o tlwaelehileng, ntle le ho tsieleha. (Bala ka ho eketsehileng mabapi le kamoo u ka sebedisang mekgwa ya hau e meng ho lemoha mathata a dikgoho.)

Translated by Bongani Matabane