Ho Ithuta ka Robben Island

Motsana

©David Fleminger
Kajeno, motsana ke lehae baahing ba lekgolo le mashome a mahlano(150) ba nako tsohle. Teng ho nale basebetsi ba pontsho tsa nako e fitileng (muzieme), batataisi ba chankane, basebetsi ba tumello, basebetsi ba lefapha la basebetsi le basebetsi ba itseng ba tiileng dipelo ho tlowa nakong tse fetileng. Ke motse o qaqolohaneng feela o monyane, o wa tsamaeya. Bana ba tsamaya ka bolokolohi esita le menyako e leswa esa notlelwa. Nako e tsamaya butle ho fihla boemong bo sa kgahlising jwalo ka Canada.
Motsana ona o kaba le matlo a kabang lekgolo(100), a beilwe ka tsela e phatlalletseng ka thoko ho mmila o moholo. Ntlo kanngwe e nale serapa moo mobu o leng teng hoka thiba phallo ya metsi a pula. Fela, mashome a mane a bona mothating wa jwale, ba ahile teng mme ho etsa hore sehlekehleke se hloke modumo bosiu. Charle ke ena mosebeletsi wa posong, ya itse honna o shebana le mangolo a dikete tse pedi ka kgwedi(2000), feela ofisi ya poso e sehlekehlekeng e hapile le dikgau ya mosebetsi o kgabane.
kereke ya Katoliki, eo ha jwale eseng e bitswa ya MaDutch entse e tswella pele ho tshwara tsamaiso ya kereke habedi kgweding. Bohareng ba motsana ke sebaka se bitswang Ledenwinkel kapa okare lebenkele la baahi. Baahi ba fumana disebediswa hona benkeleng lena moo mosebelletsi wa lebenkele a utlwang ekareng otla lahla hloho ka lebaka la bana ba dulang ba tlo kopa dipompong tsa mahala.
Lebenkele lena o kare hape ke moo ho tsamaiswang kopano hobane ho nale ditafole tse pedi tsa polasitiki eleng moo ho dulwang ha ho qoqwa motsheare sa setupu sa lebenkele se seholo. Ka thoko ho lebenkele ke lebala la dipapadi e leng moo ho kopanwang ho ithuta papadi ya kolofo (E leng seo Afrika Borwa re se bitsang boikwetliso). Taba ke hore boithabiso ba tjhankane bo ile behwa bakeng la batshwaruwa mme moo bontse bo tswella pele hantle.

Moaho o Tshwanang

©David Fleminger
Ke letamong le leholo la hosesa, ka morao ho nale lebota le letelele, moo bana ba qetang letsheare la bona teng; ba itjhesa ka konkireiti e futhumetseng le ho dielana ka metsing. Lebala la di papadi la rakibi esitana le le bohehang la kirikete a fumaneha mahaeng, eleng hore le entswe ke Maborithane (ekaba bomang).
Sehlekehlekeng mona ho fumaneha kerichi, sekolo sa pele, moo teng ho nang le baithuti ba 23 esita le matitjhere a 2. Sekolo se phahameng hase fumanehe mona, jwale baithuti ba baholwanyana ba tshwanela ke ho dula Motse-Kapa, kapa batshware terene ho leba teng moo batshwanelang ho leba teng. Sena se tshwanela ke hore ebele bothata ho moithuti wa sehlopha sa leshome ya tshwanelang ho finyella ho ngola hlahlobo ya mafelo a selemo ebe ha a kgone ho finyella ka baka la lewatle le halefileng.

Ho leba qetellong ya botjhabela ba motsana, moo ho shebileng moaho wa Bloubergstrand, teng ke matlo ya mosebelletsi wa mmuso le kereke. Meaho ena e tshwanang e nale matsatsi ho tlowa nakong ya Victorian, ha jwale ke sebaka seo ho tshwarelwang diboka le hoba ntlo ya baeti (e buletsweng baeti ba memilweng feela).

Mehlahare e Tadima Howela

©Roger de la Harpe
Hang ha o feta motsaneng, tsela e potela ho le letona le ho matha jwalo ka borwa hoyelella qalong ya sehleke hleke ho le letona hoya jwalo ka mola wa lebopo. tjhebelo ke howa ha mehlahare. Ho rapalla le kalane, Table Mountain, Devil’s Peak le Lion Heads ho ile ha phahamisa matla a ho hapeletsa, honka karolo e itseng ya sehlekehleke. Jwalo ka ha o kganna, motataisi o tlanne a o bontshe le kwari ya kgale mooVan Riebeeck a na thunyetsa teng ka sethunya a thunya ka makgetlo ka sethuna sa WW2, sesole se fedisitsweng, konkeraiti ya WW2 e bonahala kantle le moswahla wa sekepe wa jwale (enele Fong Chung ya 11, e ileng ya matha hara nako tsa 1975).
Ka bomadimabe, bese jwale e tswelella pele ka tsela e telele hoya hodimo Mafikeng a Minto Hill, haufi le terone e kganyang. BUCK e ka bonwa e fula bojwang bo teteyaneng ka bolele ba leotong, moo ka pele efanang ka tsela ya ho leba moo ho lengwang Bluegum. Hodimodimo tlhorong ya ho ralla ho eme kganya ya tora. E ahilwe ka 1865, e boima ba maele tse 24 tsa lewatle le lampi ekabang 1.5 kw ka boholo.
Kganya ya teng e ya hlahella ka lehadima la teng le hlahang ka makgetlo a mehlano nakong ya metsotswana e supileng. Seo ke se supo sa sejwale jwale se hlomphehang hofana ka temoso ya mollo eo MaDutch a neng a tlwaetse ho a kgantsha mona, hofeta lemo tse 300 tse fitileng. Seteishene sa radar, sethunya sa mashala sa De Wall le semela se ntshang metsi letswai, e abelang sehlekehleke metsi a foreshe, tsohle di pela tora.
Bese e tswelella leralleng, efete hang moo ho kileng ha lengwa bojwang moo moo ho bapallwang kolofo teng ho kgutlela motsaneng. Hodimo toropong, moo ho bonahalang mmileng, ke mabitla a bobedi a nang le mabitla a di ofisiri le dingaka ba ileng ba sebetsa General Infirmary. Hang ha o kgutlela motsaneng bese e leba ho le letsheadi eye mora taolong e phahameng ya tshirelletso chankaneng.
Ha o se kgutlile motsananeng, bese e tjekela ka ho le letsheadi e kgutlele morao tjhanakaneng e kgolo.

Translated by Sebongile Sonopo