SQLSTATE[HY000]: General error: 144 Table './aatc/tiger_page_view' is marked as crashed and last (automatic?) repair failedBontebok - Dinyantshi - Afrika Borwa

Bontebok

© Nigel J Dennis

Lebitso

Bontebok (Damaliscus pygargus pygargus)

Tjhebahalo

E mmele o lekaneng ke matsa a sootho bo tebileng ka mmala, a hlahelletseng ka boswu bo tukang sefahlehong. Ka morao e tshweu qwa, mpa, lengwele le mohatla o qopeditsweng botsho. Tse tona le tse tshehadi di nale manaka, le ha fela manaka a e tona a boima ebile a matelele ho a e tshehadi.

Dijo

Ke matsa a dikgohlong, a ratang jwang bo bokgutswane le meroho e melang sebakeng se itseng.

Tswalo

E tswala ka nako e itseng ya selemo. E tshehadi e kena thobalanong ha ena le dilemo tse pedi. Ho ka nka nako e pakeng tsa kgwedi ya Pherekgong le Tlhakubele. E tswala namane ele nngwe pakeng tsa kgwedi ya Mphalane le Pudungwane ka mora nyalano ya matsatsi a 238-254.

Boitshwaro

Ke phoofolo e holelang sebakeng se bulehileng. Tse tona di bontsha boteng ba sona sebakeng, mme nakong ya ho tswala e sireletsa tse tshehadi tse kabang pedi hoya ho tse robedi le madinyane. Tse nyane tse tona di bokana ka mehlape.

Dintlha tsa tshimo

Bontebok ke lebitso le tswang mmaleng le botebo ba maburu a ileng a fihla ka dilemo tsa bo 1600. Bobedi bo arolelane tumellano e kgolo mme ho nale ponaletso puisanong eo e senang nnte.