Albertina Sisulu: Mme wa setjhaba

© Eric Miller

Ka mora hore Albertina a nyalane le Walter o ile kgukguna ka lerato la hae la dipolotiki. Ha a ne a kgukguna ho etellapele Umkhonto we Sizwe (lepheo la sesole la ANC) e ne ele yena ya fepang leloko. Mokgolong wa hae wa bonese o ne a tshehetsa lapa labo, a hodisa ba bane mmoho le batjhana. Ntle le disebediswa tse lekantsweng o ne a batla baeti ba tsamaye ba jele ka nako tsohle le hore serapa sa hae sa lapeng dule se le maemong a matle.

Boholo ba bo ntate ba bo radipolotiki ba ne ba qobellwa ho ya dinaheng tse kantle kapa ba tshwarwe dilemong tsa kgatello. Albertina Sesulu o ile a tlameha ho kena hoba mme wa bobedi wa bana metswalle ya bona ba neng ba sa kgone ho ba malapa a bona. Dali Tambo, mora wa Oliver Tambo, e ne ele emong wa bana bana. “O ile a mpha lerato la nnete.

O ne a mpitsa mora wa hae, ke ne ke mmitsa mme ka nako eo e ne e le mme waka wa bobedi”, o a hlalosa. Ha Nelson Mandela e ne e le motshwaruwa le monna wa hae Robben Island o ne a hlokomela bana ba le yena. Malapa a ne a arolelana kamano e tiileng e ne e dutseng meloko. Albertina o ile a dila a atamelane le Mandela le ka mora lefu la molekane wa hae mme ke e mong wa batho ba ileng ba moetela pele ha a kula.

Translated by Sibongile Sonopo

Lefa la Albertina Sisulu

Albertina Sisulu, o ile a bitswa mme wa setjhaba kapa Ma Sisulu, ke ka moo a neng a tsebahala ka teng bakeng sa ho lwantsha kgethollo ka har...more

Nelson Mandela and South Africa's Famous Ladies Luncheon by Raymond Louw

Lebaka leo mopresidente Nelson Mandela a neng a thabisa basadi, ke hore e ne ele tsela ya hae ya ho phepetsa naha....more