Sweet Prickly Pear
Torofeiye

© Louise Brodie

Lebitso

Torofeiye

Lebitso la SeLatin

Opuntia ficus-indica

Tjhadimeho

Moru wa sekgala kapa sefatjana ka dikutu tse sephara ka makala ekare ke mekokotlo. Tjalo ena ha e na mahlaku. Ke tkalo e hlaselang e tswang mahareng a Amerika. Ditholwana di bopehile seka poreimi, di dintshi ebile di a jeha.

Lehae

Torofeiye e hola hohle Aforikaborwa, e phatlalatsehile dilemotsekgolo ka morao ha e tliswa ho tswa Meksikho.

Dinoutu tsa naheng

Torofeiye ke tjalo e tswang ka ntle e sebediswang haholo Aforikaborwa, haholo le hore ba bangata ka kgolwa hore ke mofuta wa tjalo o tswang Aforikaborwa.

Torofeiye e sebediswa o aha masaka a diphoofolo tsa polasing – ebile e sebediswa ho fepa diphoofolo. Dipolasi tse ngata Aforikaborwa di potapotilwe ke makgwakgwa a etsitsweng ka torofeiye.

Matsatsing ana tholwana ena e sebediswa ho etsa jeme le dinwamaphodi tse ngata. Bakeng tse ngata, ho tshwana le naheng tjalo ena e bonwa e le sesenyi ebile ho ntse ho etswa mano a ho e fedisa.