Ruddy Turnstone
Lekitinyane

Lebitso

Lekitinyane

Lebitso la se Latin

Arenaria interpres

Lelapa

Arenariidae

Bolelele

23 cm

Bodulo

E atisa ho ba seretseng se folete le mabopong, haholo holo mabopong a majwe; ka dinako tse ding ka hara metsi a ka hare ho naha.

Ho falla

E falla lehlabuleng ho tswa dikarolong tse lebowa di fumanwa haufi le lebopo le dihlekehlekeng mose.

Sello sa nonyana

Ha tshwenngwa di fofa tlase le metsi di bua pitso ya tsona ya ' Kit-it-it-e 'kapa' chidda-chidda-chidda'.

Ho ikatisa

Mefuta e ntseng e teng e tswala pela dibaka tsa Arctic feela, ho tla ka borwa ho equator ka likhonthinenteng tsohle nakong ya mariha ka lebowa.

Tlhaloso ya bana

Mariha masiba a hlooho a bohlooho le bosweu, dikarolong tse ka hodimo e bo sootho bo masootho le bohlooho le bosweu. Mmetso le dikarolo tse ka fatshe di soeufetse le masootho a pharaletseng ka boputswa le lebanta le lesweu sefubeng. Molomo o nchocho o motsho le maoto a mmla wa lamunu.

Tlhaloso ya tse kgolo

Ka lehlabula masiba a hlooho le molaleng a finyella dipaterone tse ntsho le bosweu, di scapular le mapheo a bosoothwana bobokgubedu bo khanyang.

Boemo

Ke moeti a tlwaelehileng lehlabuleng

Kabo

E tlwaelehileng ka Langebaan.