Lenyalo Setsong sa Maxhosa

© Dr Peter Magubane

Melao ya Lenyalo la BaNguni

Lenyalo le tlwaelehileng e ne e le leo balekane ba batlwang kantle ho leloko, e neng e le ntho e kgethollang BaNguni ka kakaretso.Ngwana e mong le e mong wa MoNguni o tswallwa lapeng la bontatae mme lenyalo hona kahara moloko ke tlolo ya molao e tshabehang mme e thibetswe ka hohlehohle.  Hara Maxhosa , a neng a thahasella haholo taba ena, lenyalo le ne le qojwa le malapa a bonkgono le bontatemoholo ba bona ka bone ba bona. Lenyalo e ne e le moo mosadi a dulang le monna wa hae le ba habo.

Hape lenyalo e ne e le la sethepu , mme marena le banna ba barui ba nang le mehlape e meholo ya dikgomo ba neng ba nyala basadi ba fetang a le mong mme, ka nako tse ding, ba ne ba ka ba le basadi ba bane kapa ba bahlano. Ba ne ba kgethollwa ka maemo a bona ho ya ka matlo a fapaneng. Ho MaXhosa, karohano e kgolo e pakeng tsa Ntlokgolo le ntlo ya Letsoho le letona.

Mosadi e Moholo

Boikarabelo ba mosadi e moholo e ne e le ho tswala mora ebile e le mojalefa , mora e moholo ,ya neng a hlahlama ntatae - morena kapa hlooho ya lelapa kamora lefu la ntatae. Mosadi e moholo wa morena e ne e atisa ho ba ya nang le maemo, moradi wa boreneng ba boahisane (kgosatsana ya BaTembu kapa ya baKhoisan). Mora eo e leng letona la ntatae , mora wa matsibolo wa mofumahadi eo e leng letona, le yena e ne e le morena kapa hlooho ya lelapa, a na le mehlape eo e leng ya hae,batho ba leng tlhokomelong ya hae le balatedi bao e leng ba hae.

Le ha ho le jwalo, o ne a na le boikarabelo ba ho theha boetapele boo e leng ba hae kapa ntlo ya hae ka ho ithehela sebaka se setjha kapa se so kang se dulwa. Basadi ba bang ba hae ba sebediswa jwaloka ka maballo kapa ho tshehetsa (amaqadi)matlo a mabedi a maholo mme ba ne ba kgethollwa ho ya ka maemo a bona.    

Taba e nngwe ya bohlokwa ya hore morena a nyale Mosadi e Moholo hamorao bophelong, kamora hore a tiise manyalo a mang, e ne e le hore Mora e Moholo ebile e le mojalefa o ne a tla ba monyane dilemong ho mora eo e leng letona ya seng a le moholo ebile a na le boiphihlelo. Sena e ne e le sesosa sa tsitsipano le dikgohlang pakeng tsa bana ba motho.

Diqhobeshano tse tswelang pele pakeng tsa mora eo e leng letona le Mora e Moholo di ne di ka baka ho utsuwa ha borena ba Mora e Moholo, jwaloka ditabeng tsa Tshawe le Cirha moo ho boletsweng pejana.Ka lehlakoreng le leng , e ne e ka baka karohano kahara borena ka bo bona, jwaloka moferefere pakeng tsa Rharhabe le Gcaleka. 

Ha monna a ne a sa nyale sethepu, e leng ntho e neng e tlwaelehile ho bafo, mosadi wa hae wa pele e ne e ba Mosadi e Moholo ntle le tikatiko mme mora wa hae wa matsibolo e ba Mora e Moholo ebile e ba yena mojalefa. Basadi ba sethepu ba ne ba na le bodulo boo e leng ba bona hammoho le maruo a dikgomo le dijo-thollo ho ka iphedisa le malapa a bona. Mofumahadi wa morena eo e leng letona la hae o ne a dula lapeng leo e leng la hae sebakana feela ho tloha tlung e kgolo ya borena.  

Dipuisano tsa Lenyalo

©Dr Peter Magubane

Ho iswa ha dikgomo (ikazi) ho tloha lapeng la habo monyadi ho ya lapeng la habo monyaduwa e ne e le ho tiisa lenyalo le ho hlapisa ntate wa monyaduwa ka tahlehelo ya moradi wa hae lapeng la hae. Dipuisano tsa lenyalo pakeng tsa malapa ana a mabedi di ka ba boima le ho nka nako e telele, haholoholo ha ho tlo dumellanwa ka palo ya  dikgomo tse lokelang ho ntshuwa.

Ho iswa ha dikgomo e ne e le sesupo sa netefaletso: ebang monyaduwa a ka tshwarwa hampe lehaeng le letjha, o ne a ka boela ha batswadi ba hae, mme ba habo monna wa hae ba lahlehelwa ke dikgomo tseo. Monna ya amohetseng dikgomo e le phapanyetsano bakeng sa moradi wa hae ya loketseng lenyalo o ne a ka sebedisa dikgomo ho inyalla mosadi e mong kapa a di sebedisetsa mora wa hae kapa wa leloko ho ba le mosadi.

Kahoo phapanyetsano ya dikgomo lenyalong e ne e le mokgwa wa letlotlo le potolohang la lenyalo, mme basadi ba fapana ka ditsela le dikgomo. Baromuwa , ba ile ba etsa phoso ka ho dumela hore lobola ke ho reka mosadi, ba tshwela tlwaelo eo ka mathe.

Le hoja manyalo a se a atisa ho tiiswa kerekeng kapa lekgotleng la mastrata matsatsing ana , lobola ha se ntho eseng e nyamelletse ruri, le ha matsatsing ana bohadi bo se bo lefuwa ka tjhelete e ka lekanang le boleng ba mebaraka ba dikgomo phapanyetsanong eo.

Lenyalo la setso e ne e se feela ho theha dikamano pakeng tsa batho ba bong bo sa tshwaneng bakeng sa ho tswala. Ntho ya bohlokwa, e ne e le mokgwa wa ho qobella maqhama pakeng tsa batho ba sa amaneng , e leng lebaka la hore hobaneng lenyalo le sa dumellwa pakeng tsa leloko le le leng.

Bophelo bo Botjha bo Tlwaelehileng ba Monyaduwa

Kamora lenyalo, monyaduwa o tshwana le moeti lehaeng la hae le letjha. O ne a lokela ho bontsha boikokobetso le hlompho (intlonipho) ho ba bohadi ba hae le batho bohle ba baholo lapeng leo ; o ne a sitwa ho atamela matlo ka ho toba lebaleng , empa o ne a lokela ho a atamela le kamorao; hape o ne a sa dumellwa ho kena lesakeng.

Boemo ba mosadi ya nyetsweng ka lapeng bo ne bo phahama ka hanyane ha a ntse a ba le bana ebile ba ntse ba hola. Basadi ba yang matsatsing ba ne ba bonwa ba e na le tshusumetso e silafatsang mehlape mme ba ne ba sa dumellwa ka lesakeng. Hang kamora ho ba ho ya matsatsing a bona ho kgaotse, boemo ba mosadi bo ne bo batla bo lekana le ba banna. O ne a dumellwa ho tsamaya meketjana ya ho nwa jwala le ho tsuba lehlakana la kwae.

Translated by Maletsatsi Sejake