Grey-headed Gull
Mmamawatlehlooputswa

© Roger de la Harpe
Greyheaded Gull.

Lebitso

Mmamawatlehlooputswa

Lebitso la Selatin

Larus cirrocephalus

Lelapa

Laridae

Bolelele

Disentimetara tse 42

Lehae

Mehlape e menyane kapa e meholo e atisa ho ba teng metsing a ka hara naha (moo o tswalang teng) hape le mabopong.

Sello

E ka lebantshwa le setsheho se hlabang.

Tswalo

Mofuta on wa nonyana o ka tswala le mmamawatle a mang. Tswalo e etsahala Phupu ho isa ho Pudungwana. Mahe a 2 – 3, a fatshe mmala oo botala ho isa ho sootho ka matheba a matsho.

Tjhadimeho ya madinyane

Madinyane a na le dihloho tse tsweu ka matheba a matsho mahlong le molaleng, e fapana le mmamawatle e meng ka hore o na le maoto a sooto, ka molomo o mmala wa nama ka ntlha e ntsho le ntlha ya mohatla e ntsho.

Tjhadimeho ya tse hodileng

Tse hodileng di hlooho e boputswa, ka mahlo a tshehla le molomo le maoto a mafubedu. Ha di sat swale, hlooho e tsweu.

Maemo

E tlwaelehile ebile e ngata mabopong.

Pokello

Mmamawatle ya phelang metsing a phodileng haholo matsheng le matamong. E bonwa hangata empa e ntse e tsejwa e sa etela borwa ba Kapa le bophirmela ho ya bokone.