Cape Otter
Qibi

© Jacques Marais

Lebitso

Qibi [Aonyx capensi]

Tjhebahalo

Di bolelele ba mitata tse 1.3 le boima ba kilogram tse 13. Ntle ho mpa, qoqotho, marama le molomo o ka hodimo tshweu mmele kaofela o apesitswe ke boya bo sootho bo lefifi. Ha hona lerapo dipakeng tsa menwana maotong a kapele, empa maotong a ka morao atlamahantswe menwaneng halofo ya menwana. E nale menwana e mehlano e senang manala. E nale mohatla o motenya o mokgutswanyane

Dijo

Haholo e ja dikankrapa, empa hape eja ditlhapi, dinqanqane,dinonyana, dikokonyana, mekgodutswane le di hahabi.

Tswalo

E tswala nakong tsohle tsa selemo, e tswala ledinyane le le leng ho isa mararo. Ka mora nyalano ya matsatsi a 60-65.

Boitshwaro

Ka tlhaho esale dile bohlale ebile di rata papadi, ke phoofolo e nang le kgohedi ha o e shebelletse. Ha di fumane haholo ka hara diphoofolotse hlaha, ebile di rata bo mong. Nako e kgolo tse tshehadi di tsamaya le madinyane di entse sehlopha sa tse 8. Tse tona ha di nke karolo kgodisong hangata e ikamahanya le tse tshehadi.

Bodulo

Di rata metsing a foreshe le lewatle, empa morao tjena ho bonahala di hloka metsi a foreshe ho hlatswa boya ba tsona.

Moo di fumanehang

Qubi ena e senang manala e fumaneha dibakeng tse lebopong la noka le moo ho etswuwang tshebetso ya ho ntsha metsi a pula e matla mabatoweng a Afrika Borwa, empa ha se tlwaelehileng. Ha di fumanehe dibakeng tse senang pula tse ka Bophirima ho naha. Lebopong la lewatle le hodimo le lekanyetswang ho 1 bakeng sa kilomitara tse 2, pela noka 1 ho isa pakeng kilomiitara tse 3-10.