Cape Mountain Zebra

© Nigel J Dennis

Lebitso

Cape Mountain Zebra

Tshebahalo

Cape Mountain Zebra ke zebra e nyane ho di feta, mme e boima ba dikilogram tse 230 - 260 e bolelele ba dimitara tse 1.6 – 1.28. Esale mela ya yona ele metenya ele hlahelletse ho feta ya di Burchell zebra. Mela e tshekalletseng e maotong e theohela fatshe ditlhakong. Kotare ya khama e apesitswe ke mela e metenya e metsho le e bapileng e bonahalang, matheba a matsho a bonahalang karolong e ka morao mmeleng. Dimpa di tshweu ha dina mela ho hahang. E nale ditsebe tse telele tse bolele ba dimili mitara tse 220, ho mamela ha tsona ho ikgetha haholo.

Tswalo

Di ya bokana ha e nngwe e tswala ka mehlape,e ba le bana a le mong ho isa hoba bahlano, ka tlala boetapele ba poho ya pere ele nngwe. Ho hlokahala dipoho pokanong ka dihlopha tse senang balekane.

Moo di fumanehang

Di fumanwa dithabeng tse fapaneng Bophirima le Kapa Botjhabela. Ka lebaka la kgatello yaho tsonngwa di ne di batle di shwa boholo ka selemo sa bo 1930 bohareng. Di ile tsa pholoswa ke phatlalatso ya Mountain Zebra National Park, strekeng sa Cradock profinsing ya Kapa botjhabela. Kajeno ke mefuta e meraro ya tlhaho e ntseng e ele teng, eleng Kamanassie mountain, Gamka mountains le Mountain Zebra National Park. Tse teng tse ntjha di fumaneha de Hoop Nature Reserve e kenyeletsa le tse tlositsweng Mountain Zebra National Park, Kamanassie mountain le e fumanehang ha jwale ke ya Kauga le Outeniqua mountains. Ho nale tse nyane tse fumanehileng Kapa Botjhabela le di Karoo tse nyane papading ya pokello ho tswa ho Mountain Zebra National Park.

Moo di fumanehang

Hang ha di se di fitiseditswe palamenteng ya Afrika Borwa ele ‘ditonki tsa papadi ya bolo’ Cape Mountatin Zebra Ka bomadimabe e phonyohile kgetho ya hoba le phumano ya resefe haholo bakeng sa tshireletso. Dinomoro di theohetse ho tse ka tlase ho mashome a mahlano, mme ka lehlohonolo puisano eo mmuso wa Afrika Borwa e bileng le yona bo 1930 ho dumellanwe hore di be teng, le ha hone ho na le tshabo.

Zebra

Ho na le mefuta e mmedi ya Diqwaha ka Borwa ba Afrika, Qwaha ya dithoteng kapa ya Burchell le Qwaha ya thabeng. Ka ha mabitso a ipolela hore...more