Wild Dog
Lekanyane

© Shem Compion

Lebitso

Lekanyane [Lycaon pictus]

Selelekela

Makanyane (Lycaon Pictus) a hlahella ka dipalo tse fokolang ka lebaka la bodulo ba ona a saphalletseng. Lekanyane ke mofuta wa engwe ya diphoofolo tse nyantshang tsa Afrika tse kotsing ka ho fitisisa tsa ho timela. Dintho tse ngata tse tlatselletsang ho boemo bona bo fokolang ba paballo ya tsona. Ka sehloohong ho tlatseletsang ho fokotseho ya dinomoro tsa yona ke ho hloriswa ke maloko a batho, ho fihlela morao tjena esita le ka hare ho dibakeng paballo ya tsona.

Dintho tse ding tse ka reng mafu a kang rabies le distemper moo Makanyane a ileng a kopana le diphoofolo tse ruuwang. Diphatseng tsa lefutso la ho nyadisa kgafetsa mefuta e batlang e tshwana ya Makanyane e ka ba sesosa se ka kgonehang sa bophelo ba tsona ba Kruger National Park bo lebeletsweng ba dilemo tse 6 feela.

Ponahalo

Se ja nama sena ke se seng sa leloko la ntja, mme le mehato ya dimilimithara tse 750 ka mahetleng. Tse tona di kgolonyana ho tse tshehadi mme di na le boima ba dikhilogerama tse 20 ho isa ho tse 30 ha di hodile. E na le boya bo nang le mabadi a bosehla, botsho le bosweu. Engwe le engwe ya tsona e na le mekgabiso ya yona e ikgethang, e thusang hore ho be bonolo ho kgetholla e lengwe hara sehlopa.

Dijo

Makanyane haholo holo a tshwasa diphoofolo tse nyane kapa tse mahereng ka ho lekana ho tsona, tseo e leng hore Phala ke engwe ya tsona. Bochabela ba Afrika dikile tsa tlalewa ho tshwasa diphoofolo tse kgolo se ka Dipudumo le Diqwaha. Makanyane a tsoma ka dihlopha, mme engwe le engwe e sebedisana ka morero wa boiteko ba sehlopha ho lelekisa le ho kgathatsa diphoofolo tse e ditshwasang ka mokgathala. Hang ha e se etswa ho eme, e tshwasitsweng e ya bolawa ke makanyane ohle ka ho e qhaqholla.

Makanyane a etsa a nka diphoofolo tse ruilweng dibakeng tse ding, empa sena ha se kamehla se etsahala. Ka hare le ho pota Masai Mara National Reserve, Kenya, Makanyane a iphaphanyetsa diphoofolo tse ruilweng, mme ha e le Zimbabwe di ile tsa matha hara lebala la manamane ho lelekisa Ditholo lebaleng la boahelani.

Ho ikatisa

Makanyane a tswala ka dinako tse itseng. Afrika Borwa madinyana a tswala dinakong tsa mahareng a mariha ka morao ha ho emara ya matsatsi a 70. Tse tsejwang ka hore ke di Alpha pair, e ka sehloohong e tona le e tsehadi ke tsona feela tse tswalang hare ha dihlopha. Tse ding tsona di tlohela tokelo ya ho tswala le ho etsa hohle ho thusa sehlopha.

Sehlopha sa madinyane a 12 kapa ho feta se ya tswalwa, tse tshehadi ha dikgone ho nyantsha madinyane nako e telele. Ho tloha ka dilemo tse dibeke tse tharo, lebese le eketswa ka nama e hlatsiwang e tliswang ke maloko a sehlopa. Madinyane a sireletswa mekoting.

Boitshwaro

Dihlopha di ya fapana ka tekano, ho tloha para e lengwe le madinyane a tsona, ho isa ho dihlopha tsa bongata bo 50. Makanyane ke diphoofolo tse ahisanang haholo, di qeta nako e ngata di le kaofela ka dihlopha. Ke tse ding tsa diphoofolo tse sebetsang hantle ka katleho ho fetisisa dibatana tsohle, mme di tla hlasela mahlatsipa a boholo bohle, ho tloha ho Diphofu tse kgolo ho isa ho Mefodi e menyane.

Mekgwa ya tsona e hlophisitseng ya ho tsoma e nolofalletsa ho tlisa fatshe mahlatsipa a yona ka potlako, ka dinako tse ding ka metsotswana e seng mekae. Mahlatsipa a yona jewa, ka dinako tse ding a ntse a phela, mme ka nako engwe a felelletswa ka morao ha metsotso e seng mekae.

Bodulo

Makanyane a Afrika a fumanwa dibakeng tsa moru e teteaneng le dithoteng tse bulehileng.

Moo difumanwang teng

Metsamao ya tsona e hloma e hlomme e tsa ho hakangwa ha tsona ho bonolo hobe thata. Ho fihlela morao tjena, mefuta e fapaneng ya Makanyane e kenyelleditswe haholo pakeng tsa borwa ho Sahara ya Afrika, ntle ho dibakeng tsa meru le mahoatateng.

Hona jwale, ha ho le jwalo, e tlositswe ka bangata ho tloha mefuteng e fapaneng ya tsona, di ya timele dinaheng tse ngata ka Bophirimela le Bohareng ba Afrika, mme le Bochabela le Borwa dibakeng tse seng kae moo palo ya batho e ntseng e le tlase. Di fumanwa Afrika Borwa hara Kruger National Park, ho pota Phalaborwa Gate, Tshokwane le Skukuza le ka boroa ho Afsaal; le ka hare ha mapolasi a diphoofolo.