White-faced Duck

© Shem Compion
White-faced Duck.

Ponahalo

Tse tona tse hodileng di na le halofo ya hlooho le mmetso o mmala o mosweu le hlooho kaofela le molala o motsho le dikwatipa tse tshweu ka tlasa molala le molaleng le mapheo a mahetleng a bosoothowana bo bokgubedu; mahlakore a yona a botsho bo sitisehang bosweung ka bonganta ka tlaase, bo tlaase ba mapheo, ka morao le mohatla e ntsho. Mokokotlo le mapheo a yona a na le mahlakore a bosootho bo mohlwaare le mmla wa bo gauta, mahlo a sootho, molomo o motsho, maoto, menwana ya maoto le pakeng tsa menwana e mmala moputswa ka matshwao matsho. E tshehadi e tswana empa e na le bo pele ba hlooho le molala o nang le letheba le mafome ka mmala. Le hoja e na le molala o motelele le maoto a matelele hofeta matata a mang a leng a sefate, ha e qete nako e ngata e dutse difateng empa e kgetha dibanka tsa lehlabathe. E tshwara eka ke lekgantsi kapa kgantsi ho feta letata le tlwaelehileng.

Dijo

Di ja dimela tse holang tlaasa metsi le peo ya dimela tsa metsing, hape le di molluscs, diphoofolo tse nyantshang tsa metsing le diphoofolo tse seng mokokotlo jwalo ka dikokonyana tsa metsing, di tlwaela ho fumana dijo tsa tsona ka ho qwela.

Ho ikatisa

Dihlaha di hahwa ka mahlaku fatshe ho mokhwabo le ho difate tse sekoti. Ho itlhwekisa ka bobedi ho phetha karolo e bohlokwa ho sebopeho sa tse pedi le tlhokomelo ya ditlamo. Dihlopha dibopilwe ka mahe a 6 ho ya ho a 12, mme ke balekane ka bobedi a fuamang mahe ka matsatsi a 28 ho ya ho a 30. Ditsuonyana di atisa ho patwa ka dimela tsa metsing ke batswadi.

Boitshwaro

Ke mefuta e setwalle haholo le mehlape ya yona eo hangata e balwang ka makgolo. Ho itlhwekisa ka bobedi ho ntshetswa pele haholo mme ke habohlokwa hore ka bobedi batswadi ba dule mmoho ho safeleng. Ho batla dijo ho etsahala haholo holo bosiu, kahoo ho na le ho fofa ha ngata bosiu. Ho na le ha ngata tse molemo tsa mokgatlo wa metebong wa dinonyana. Di atisa ho fumanwa ka ho kopanela le ho letsa molodi hwa letata.

E utlwahala hangata ka lentswe le ikgethang, ka molodi phahameng haholo, ya dinoko tse fapaneng tse sa utlwahaleng jwalo lo ka tsa letata haholo. E tona le e tshehadi di lla ka tsela e sa tshwaneng mme e ka nna ya ba ho tlamehana ha tsona. Ponahalo ya tsona e ntle e etsa hore e be nonyana e ratehang ho pokellong ya dinonyana tsa metsing. Ha hangata di tsamaya ka mehlape. Di qeta nako e ngata di dutse mabopong. Ho batla ha di jo ho etsehala bosiu ka ho fitisisa; motshehare dinonyana tsena di robala haufi le metsi, hangata e le ka mehlape ya tse mmalwa a makholo, mme di itlhwekisa ka bo tsona kapa tse ding. Matata a letsang molodi a rata difete ho feta mefuta e meng e mengata ya matata, a qeta karolo ya letsatsi dutse ka makaleng. Ha a rate ho sesa empa a ikakgela ka hare ha metsi bakeng sa dijo.

Bodulo

Di fumanwa matamong, matsheng, dinokeng, lewatle, matamong a dikgwerekgwere le moo ho tlalang metsi. Mefuteng e fapaneng ya metsi a hlwekileng, dibakeng tse bulehileng tsa makgobokgobo a kang matsha, mekgwabong, meru enang le metsi. Ka dinako tse ding e fumanwa ka mmele e menyane ya metsi a bulehileng.

Moo difumanwang teng

Di fumanwa ka Zimbabwe, Mozambique, Lobowa la Namibia, Bochabela ba Botswana le lehlakoreng la Bochabela ba Afrika Borwa.

Lebitso la se Latin

Dendrocygna viduata