Tsela ya ho Hlokomela Ditlhako tsa Dipodi

© Illustration by Tom Milner Out Here magazine

Dipodi di na le mmele o hlahisang matla ka potlako mme di dula di eya ho etela le ho ja. Matshwao a ho kwahela le maqeba a hlokomolohuwang a etsa ho tsamaya le ho fula dijo bakeng sa dijo le ho utlwisa bohloko.
Ha ditlhako tsa dipodi di le hodima metsi, di ka etsa hore tlhako e bole (diretheng le ho lerako le tlhako) le tlhako e chesang, e hlahang pakeng tsa 'menwana' ya oona. Ditlhako di lokela ho kgaolwa kgafetsa (ho fihlela makgetlo a mane ka selemo) ho boloka sebopeho sa bona se tlwaelehileng - se sheba palo ya ngwana e monyenyane haholo e le setshwantsho sa sebopeho se phethahetseng.

Mokgwa wa ho Phekola Tlhako e Chesang

Tlhako e chesang haholo-holo e hlaha maemong a metsi ha dibaktheria tse nyenyane haholo tsekwahetsweng ke bolele Fusobacterium necrophorum e baka ho ruruha pakeng tsa 'menwana'. Letlalo pakeng tsa 'menwana' e ka ba e metala mme e le mongobo o nang le mmala o pinki mme le utlwahala ha le ama. Haeba e sa phekolwe, podi e ka tshwaetswa ka ho sa feleng. Tsaretsa tharollo ya 10% ya cooper sulfate kapa zinc sulfate pakeng tsa 'menwana'. Tharollo ya 7% ya iodine e ka boela ya sebediswa.
Haeba dipodi di ntse di fula makgulong, di phekole ka mora phoka kapa di di boloke tikolohong e omeletseng dihora tse 24 ka mora phekolo. Tharollo e tla omella ditlhako le maoto mme e tla atleha haholonyane. Ha diphoofolo tse ngata di le teng mohlapeng, di sebedise bate ya maoto ya tharollo ya zinc kapa copper sulfate ho dumella ho kenngwa ha tharollo marakong a tlhako.
Dipodi tse tona di ka nna tsa hlaselwa habonolo ke tlhako e chesang.

Tsela ya ho Phekola ho Bola ha Maoto

Ho bola ha maoto ke bolwetse bo tshwaetsanwang ba ditlhako tsa dipodi le dinku mme bo bakwa ke dikokwana-hloko tse bitswang Dichelobacter nodosus le Fusobacterium necrophorum. Dichelobacter nodosus, e fumanehang mobung o silafetseng.
Matshwao a pele a ho bola ha ditlhako ke dipodi tse hlotsang, di tshwere maoto matsohong mme di fula ka mangole. Diphoofolo di ka nna tsa tsilatsila ho tsamaya mme ditlhako di ka nna tsa eba monko o mobe mme tsa hlahisa boladu.
Kalafo bakeng sa ho bola ha maoto e akarelletsa ho faolwa ha tlhako le ho tlosa sohle sekowa se tshwaeditsweng se arohaneng le disele tse ka tlaase. Ka mora ho kgaola, diphoofolo tse amehang di lokela ho ema metsotso e 5 le maoto ka tharollo ya 10% ya copper kapa zinc sulfate. Sena se ka phetwa hang ka beke ka dibeke tse nne. Diphoofolo tse sa foleng, di lokela ho tloswa.
Ho silafala ho ka etsahala ha phoofolo e nang le tshwaetso e kenyelletswa mohlapeng mme ha leoto le bola dikokwana-hloko di tsamaiswa mobung ho dieta tsa baeti.

Tsela ya ho Faola Ditlhako tsa Podi

©Marinda Louw
Nako e ntle ya ho faola ditlhako ke ka mora hore pula e ne, ha ditlhako di le bonolo mme di le bonolo ho di kgaola. O tla hloka mothusi ho tshwara podi ka boiketlo ba ditulo ha o ntse o faola ditlhako. O sebedisa dintlheng tsa ditshiya tse nang le kgola, qala ka ho tlosa ditshila le seretse ho tloha ho ditlhako. Ka mora moo, etsa qeto ya hore ho na le tlhako e le nngwe pele o qala ho kgaola leha e le efe ya marako a ditlhako. Qala ka ho faola ho tloha boholeng ba tlhako e le nngwe.
Ebe o faola karolo e ka ntle ya tlhako. Haeba marako a kwahetsweng a phahame, ka bonolo oe bule le ho e kgaola ka dikgahla tse nyane. O se ke wa potlakela tshebetso ena ka ho kgaola haholo kaha e ka etsa hore tlhako e tswe madi. Butle-butle hula ditlhako fatshe ho fihlela o bona mola o mosweu wa kgolo e ncha. Emisa ho faola ha bo tlaase ba maoto bo bonahala bo le pinki mme ho bola ha maoto hohle ho kwahetsweng bo tloswa.
Qetellong, kgaola karolo e ka hare ya ditlhako - pakeng tsa ditlhako ('menwana') moo direthe di kopanang teng. Hlokomela mona ha serethe se le mongobo ho feta karolo e nngwe le e nngwe ya ditlhako. Hangata ho bola ha ditlhako ka lekgapetla ho fumanwa haufi le ntlheng ya menwana le marulelong; hangata e etsahala seretheng.

Translated by Bongani Matabane