Tlhahiso ya Letshwala Afrika Borwa

©Nigel Dennis

Letshwala le hola ka pele, e loketswe ke metsi a futhumetseng bakeng sa tlhahiso ya tsamaiso ya metsi s futhumetseng. Tlhahiso ya catfish Afrika Borwa e lekantswe empa bontsha bokgoni bao boholo.

Ditshwaneleho tsa Letshwala

Ke leqeme la mofuta wa ditlhapi tsa metsi a foreshe tse fanag ka e nngwe ya tse kang  tsena tsa metsing:

Letshwala e hola ka pele ho fihlang ho 1 kg ka dikgwedi tse 6.
Le fepeha ka theko e tlase. Letshwala le ja meroho.
Le hlahisa haholo. Le ka hlahisa ho fihlela 50 000 ya mahe bakeng sa kg  ya boima ba mmele mme e ka ntsha mahe beke tse ding le tse ding tse 8.
Ho hema moya ho fatshe athe moya o hlwekielng ha se bothata.
Le fana ka thuwo e kgolo ho fihla boholong ba 500 kg ka tlhapi ka dilitara tse 1000.
E matla hahol boemong ba boleng ba metsi.
E nale letlalo le boleng le senang masapo nameng.

Mofuta o le mong, leino le bohale la letshwala Clarias gariepinus le tshwaya mabokose ohle le mme ebile ke mofuta o qetellang lefatsheng wa metsing. Ka hoo, ha ho matse hore tlahiso lefatsheng e holang ka matla.

Tlhahiso ya Lefatshe ya Letshwala

©Leslie Ter Morshuizen

Bohlo ba matshwala tlhahiso ya ona e Nageria Afrika Bophirima, empa ho ntse ho ena le dinaha tse ding tse nang le tlhahiso e nagat le ditlhapi tse ding tsa makatsang, ho kenyeletsa le Holland, Haungary le Cuba.

Ka bomadimabe, Afrika Borwa e saletse morao ho sa natse matsete a maholo a entsweng temong ya ditlhapi lapeng ka 1990. Kgahleho ho temong ya letshwala e hlahelletse ka mora dilemonyana. Basebetsi ba ne ba tsepamisitse maikutlo ho feta thekisong ya letshwala. Ha ba se ba lokile ho rekisa tlahapi. Ha ba se ba itukiseditse ho rekisa tlhapi ya bona, ke ha ba fumana hore ha hona moreki ya bohlokwa bakeng sa letshwala Afrika Borwa, ho ya ka kganyetso ya tumelo hobane tlhapi ha ena makgekgebu le tumelo ya  hore letshwala le moferefere.

Ho nale tsosoloso e kgahlang ya temo ya letshwala ha netefatswa tlhokeho ya selehae, leha thekisa le yona e le teng. Tsamaiso e nyenyane ya e se e qadile ka hloko, mme ba ithutile ho tswa diphosong tsa pele. E hola ha monyebe empa ba entse bonnete ba hore ba nale thekiso ya tlhahiso ha ba ntse ba tswela pele.

Tsamaiso e le nngwe e kgolo e entse qalo ya tswelopele Graaff-Reinet. Ke moo letswala le qadileng teng, ya tswelapele hoba tlhahiso ya letshwala e le boroso le na ya dibeka mme ya ajwa ho ya le botjhabela ba Kapa. Sehlahiswa se seng le se seng se fetolwa ho ba dijo tsa diphoofolo. Diphuputso te tebileng di ile tsa etswa nakong ya ho rera ho etsa bonnete ba hore e rekiso e teng e le kannete bakeng sa boleng bo kentsweng tlhahisong.

Translated by Sebongile Sonopo