Springbok
Tshephe

© Nigel J Dennis

Lebitso

Tshephe [Antidorcas marsupialis]

Tjhadimeho

Dipheleu di kala dikilogeramo tse 50 ha tse tshehadi di kala dikilogeramo tse 37. Mmala wa boya o ikgethileng o etsa hore di bonwa ka pele. Mahetla a tlase ho feta maoto a ka morao. Mmele ka pele o sootho ho isa kgubedu ka dimpa tse tshweu le mereto e motsho mahlakoreng ho tloha maotong a ka pele ho ya ho a ka morao. Mohatla o mosweu ka sehlotho se sootho. Dibono di na le letheba le lesweu ka moretho o sootho ka ntlha e ntsho hodimo ha maoto a ka morao. Manaka a tshephe tse tshehadi a masesane ebile a makgutswane ho a dipheleu.

Dijo

Tshephe e ja ka ho kgetha, dijo tsa tsona ke furu ka nako e nngwe le e nngwe. Di fula ha ho omme ebile di fula ka morao ha dipula ha jwang bo le botala. Di rata dipalesa jwalo ka Acacia ebile di nwa metsi haholo, empa ha metsi a sa fumanehe, di fumana metsi ka ho ja dimela tse kang ditapole le metso.

Tswalo

Tswalo e nka beke kapa beke tse pedi, leha mofuta ona wa tshephe o ka tswala ka nako e nngwe le e nngwe ya selemo. Nako ya tswalo ke dibeke tse 25 moo konyane e leng e belehang. Konyana e patjwa matsatsi a pele a mabedi. Tshephe tse tshehadi di ima selemo se seng le se seng, nako tse ding habedi ka selemo. Madinyane a kgweswa ha a le dikgwedi tse nne ebile tse tshehadi tsona di kgona ho tswala ha di le dikgwedi tse supileng.

Boitshwaro

Ke dipheleu tse atisang ho hloma naha ka baka la ho tswala. Dipheleu tse hlomang naha di atisa ho phela di le ding. Ditho tsa mohlape di atisa ho fapafapana.

Lehae

Tshephe e atisa ho dula naheng e sa tlwaelehang. Di rata masabasabana a nang le kalsiamo, dinoka tse ommeletsengle jwang bo bokgutswane. Di phema jwang bo bolelele.

Di fumanwa kae

Tshephe ke phoofolo e fumanwang hohle Aforikaborwa ho tloha mahareng a naha ho isa bophirimane. Mehlape e meng e atisa ho papaela hohle moo e tlwaetseng empa e ngata e thibetswe dipolasing le dirapeng tsa diphoofolo. Ditshephe ke ntlha e tlwaelehileng dirapeng tsa Aforikaborwa tsa mmuso, diporofense le tsa poraebete.

Dinoutu tsa naheng

Tshephe di ne di fumanwa ka makgolo le dikete di papaela masabasabaneng a ommileng a Aforikaborwa ha bafalledi ba fihla empa mehlape e ile ya feela ka pele empa kajeno ke fumana tshephe dipolasing le dibakeng tse sireletsweng. Sehlopha sa naha ya Aforikaborwa sa rakebi se rehilwe ka lebitso la Senyesemane la tshephe e leng ‘Springboks’.