Oryx

© Karl Svendsen

Lebitso

Oryx kapa gemsbok (Oryx ya tshephe) [Oryx gazella]

Introduction

Gemsbok hangata e iphepa ka makgasi, jwang le ditlama. Nakong ya komello e iphepa ka dipalesa hape e boele e shebane le dijo. Ho tlatsetsa ditlhoko tsa yona tsa metsi gemsbok e cheka di succulent le ho ja mahaoKa hodima tse ding tsa leloka la matsa di Oryx ditletse moya wa lehwatata la Namibia. E lapeng ka hare ha dibaka tse tlase ha letsatsi le chesang e sireletswa ke difate tse fokolang tsa moutlwa.
Ke boleng ba lehwatateng, e hahehile jwaloka pere ya polo, e na le matla a hlollang le mamello, empa e matlafatswa feela ke joang ba lehoatata. Ha dingwa metsi a nooang e sebedisa mehato mmalwa ho fokotsa ditlhoko tsa yona tsa metsi, haholo holo ho dumella mocheso wa mmele wa yona hore a tsohe ho tloaelehileng wa 35,7 °C ho isa ho 45 °C (113°F) ka nako eo e sebedisa mouwane ho fokola ha metsi ka potlako ka ho heme le ho fufulelwa.
E boetse e lebisa tlhokomelo morotong wa yona le ho monya mongobo hohle moo ho kgonehang.u a tsama haholo.

Dijo

Gemsbok hangata e iphepa ka makgasi, jwang le ditlama. Nakong ya komello e iphepa ka dipalesa hape e boele e shebane le dijo. Ho tlatsetsa ditlhoko tsa yona tsa metsi gemsbok e cheka di succulent le ho ja mahaou a tsama haholo.

Ho Ikatisa

Gemsbok ha ena nako e itseng ya ho ikatisa. Hangata namane e le nngwe feela e hlaha ka morao ha nako ya ho emara ya di kgwedi tse 9. Ho tlolelana ha diphoofolo tsena ho etsahala pakeng tsa tse amohela tse tshehadi le tse tona tse sehloohong sa tshimong.

Boitshwaro

Mehlape ya tse tshehadi, ho akarelletsa le dipoho tseo tse senang sebaka, ha di batla furu di tla susumelletsa pakeng dipoho tse sehloohong tsa masimo. Ho qoba kgohlano dipoho tseo tse senang sebaka di ya ikokobelletsa diphepetsong tsa dipoho tse sehloohong.
Boitshwaro ba mefuta ena bo ipaakanyeditswe ho tsenngwa ho matla le paballo ya metsi. Ka mocheso wa letsatsi di robala tlasa moriti wa difate. Moo moriti o se fumaneheng di tla tshekametsa mmela wa tsona ka hoo ho ka kgonehang hore letsatsi le seke la dula hodima mmele wa yona.
Dipoho tse le ding ke ntho tse tloaelehileng mme di tsejwa ka ho bolaya ditau tse hlaselang ka dinaka tsa yona tse matla.

Bodulo

Ditikoloho tse ratehang ke tse omeletseng makhulong a bulehileng, empa di boela di sebedisa ditikoloho tsa mefuta-futa jwaloka dibakeng tse majwe bophirimela ba Namib, ditutulu tsa lehlabathe la lehwatata la Namib le dithoteng tsa seka lehoatata la Kalahari.

Moo Difumanwang Teng

Gemsbok di fumanwa ha ngata mehloding ya diphoogolo ya Afrika Borwa le dibakeng moo di ileng tsa solla kapa tsa boela moo di ileng tsa timela.

Diphoofolo Tse Jang Diphoofolo

Ditau, dinkwe, mangau, mafiritshwane a matheba le dintja tse hlaha di iphepa ka di gemsbok mme manamane a hlaseleha habonolo, le boikarabello bakeng sa sekgahla se phahameng haholo ka moo di shwang ka teng.

Ponahalo

Ke matsa e kgolo le ena le matshwao a hlollang a botsho le bosweu sefahleho le maotong, metsero e metsho lehlakoreng le mohatla o motsho o motelele. Dipoho lekanywa le 1.2m ka mahetla le ho finyella le boima ba 240 kg. Bobedi ba tse tshehadi le tse tona bo na le manaka. Manaka a tse tona ke e makgutswanyane ho feta manaka a tse tshehadi.

Dintlha Tsa Tshimo

Lebitso nkuwa ho tswa ho Chamois ya Europe le ntano phetolelwa ho tloha ho Dutch ho isa Seafrikanse. Dinaka tsa gemsbok di tshwanwa jwalo ka sabole mme di tsejwa ka ho phunya le ho bolaya dibatana tse nnileng tsa leka ho e hlasela.