Muscate D'Alexandrie
Hanepoot

Tlhaloso

Muscdat d’ Alexandrie ke vine e tshweu ya morara ke mofuta o ikarabellang, o tsebahala ka vine e tshweu e monate eo e e hlahisang. Ke sehlahiswa sa leloko la Muscat. Menokotshwai e pinki ke hlahiso e teng, e tsebahalang jwalo ka Flame Muscat hotswa Califona le Rooi Hanepoot hotswa Afrika Borwa.

Tlhaho

Mofuta ona o nale metso ya yona Mediterranean. Ka kakaretso e emolwa ho hlaha lekaleng le haufi le Port de Alecxandia, ka hoo lebitso la yona ke Muscat Alexandrie, mme bahohedi ba Foenisia ba ile ba e nka ho e isa Greece, ho tloha moo e ne ele teng naheng ya Europe.

Mabitso a Mang

E tsebahala ka Muscat Romain dikarolong tse itseng tsa lefatshe mme ya bitswa Hanepoot Afrika Borwa.

Hlahiso Afrika Borwa

Hona le tumelo e reng ‘Spanish druyfen’e leng hoo ho bolelang ka senyesemane Spanish grape, Jan Van sena o ile a se Kenya dibukeng tsa hae, hore e bile se seng sa mofuta wa morara wa pele hotliswa Afrika Borwa. Mofuta ona o tse bahala haholo mariha.

Tlhaho ya Hlahiso

Mmorara o rata motjheso le letsatsi mmoho le mongobo. E jalwa dibakeng tsohle tse hlahisang vine Afrika Borwa, le Breedekloof e itshetlehileng dibakeng tse kgolo tse hlahisang, dilatelwa ke Olifants River.

Kgolo

E hola ka ho lekalekana e hlahiswa ka bokgoni bo boholo, e boholo ba dihactara tse 20-23 mme ho itshetlehile boemong ba hlahiso.

Ho Butswa

E butswa qetellong ya Hlakubele.

Menokotshwai

Menokotshwai e meholo e bile e kgidikwe ka letlalo le letala le fetohang hoba bosehla bo bosweu, e batlileng e ba gauta bo kganyang ha di butswitse. Letlalo le lesesane, le matla, ha nama e kganya, e le lero le tswekere.

Makgasi

Makgasi a matala bo tebileng, a itekanetse le marete a mahlano.

Disinyi le Mafu

Mofuta ona o tshabana le mmala o mosweu bo rusitseng, hlobo le kokwana ya dimela. Tshenyo e bakwang ke letsatsi ke bothata, mme e qetella e le tshehla ka matheba a motjheso sootho, haholo makgasing a tsofetseng.

Tshebediso

Veine e tsebahala ka moetso wa fereko, o sebediswang ho hlahisa Muscadel le Jerepigo, e sebediswa hape le ho hlahisa veineya tafoleng, jwala, borenti, Grappa, merara ya tafoleng, mangangajane, lero la morara le moskonfyt.

Tatso

Mofuta o hlahisa veine e hlabosang ka dipalesa tsa meketjhana le manyepa le taso ya mangangajane.

Translated by Sebongile Sonopo