Monokotshwai

©Glenneis Kriel

Monokotshwai ditswa Asia, Amerika Leboya le Europe. Ba thabetse Greece ho tloha mehleng ya kgale. Morena Edward I e bile wa pele wa ho kopa ho lengwa ha monokotshwai ona, ho ileng ha fella ka hore dirapeng tsa Borithane di tlale dihlahla tsa monoktshwai ho fihlela lekgolong la bo13 la dilemo. Lekgolong la bo18 la dilemo, tlhahiso e ne e se e atolohile ho fihlela Europe kakakaretso.

Monokotshwai ke kgale e nkuwa e le dijo tse mabothobotho, kaha ke barui feela ba neng ba ka kgona ho reka monokotshwai ona o ikgethang. Mehleng e Bohareng, e ne e se e na le tshebediso e ngata e le kalafo ya bophelo bo botle, meriana hammoho le mefuta ya mebala.

Mohlomong monokotshwai e nang le merero e mengata e nkile lebitso la yona ho veine e monate e mmala wa palesa e bitswang raspeys. Ho dumelwa hore lentswe la Sejeremane 'raspoie' le bolelang fragole, kapa lentswe la Senyesemane 'rasp' - ha le bua ka sebaka se setle sa monokotshwai, e kanna ya ba le lebitso la monokotshwai kamoo re le tsebang kajeno.

Tlhahiso ya Machabeng

hahiso ya machabeng e batla e imenne habedi ho tloha ka 2007, ka lebaka la bareki ba hlokang tlhokomelo ta bophelo bo botle le tse matla ka botala hore di nkuwe e le sejo se hodimo-dimo. Bahlahisi ba baholo ka ho fetisisa, jwalo ka ha ho tlalehilwe ke Mokgatlo wa Machaba wa Monokotshwai le Poland, Serbia, Chile le China.

Poland e bile le di hekthara tse 26 000 ka tlasa tlhahiso ka selemo sa 2016, e hlahisa dithane tse 200 000 tsa monokotshwai ho dihekthere tse 4,5 ka hektare, athe Serbia e ne e ena le dihekthere tse 15 000 tlasa tlhahiso e hlahisitseng dithane tse 110 000 tsa monokotshwai ho dithane tse 5.6 / ha. Ka 2019, China e ne e na le dihektara tse 15 000 tse hlahisang dithane tse 75 000 tsa monokotshwai ho dithane tse 5 / ha. Chile e ne e na le dihekthere tse 9 000 tlasa tlhahiso, e hlahisa dithane tse 36 000 tsa monokotshwai ho dithane tse 4 / ha.

United States, eo hape e leng sebapadi se ka sehloohong, e ne e na le 4 200 tsa tlhahiso ka selemo sa 2018, e hlahisitseng dithane tse 48 000 tsa monokotshwai ka nako e ka bang dithane tse 11 / ha. Boholo ba ditholwana tsena di hlahiswa California.

Tlhahiso ya Lehae

©Glenneis Kriel

Ha tlhahiso e ntse e hola ka hara Afrika Borwa, indasteri e ntse e le nyane ha balemi ba fokolang feela ba ikarabellang bakeng sa tlhahiso e fetang 8%, haeba e se bangata. Ho na le mabaka a fapaneng a sena. Lebaka le leng ke hore thepa ya semela e na le moedi ebile ho thata ho e latela. Tlhahiso ke mosebetsi o boima mme e hloka disebediswa tsa ho futhumatsa tse turang bakeng sa taolo ya ka mora kotulo. Ditholwana di senya habonolo ebile di na le bophelo bo bokgutshwanyane ba nakwana.

Tlhahiso

©Glenneis Kriel

Tlhahiso hangata e hlaha Western Cape le Foreisitata. Monokotshwai hangata e hlahiswa ka masoba a tebileng, a noseditsweng hantle kapa lehlabathe le nang le dintho tse phahameng.

Ditshenyehelo tse phahameng di kgothaleditse balemi dinaheng tse ding ho lema monokotshwai o sireleditsweng jwalo ka matlowa a kwahelehileng kapa mehala. Ebang hona e tla ba khetho e ntle Afrika Borwa, ho tla itshetleha haholo ka ditshenyehelo tsa matla bakeng sa taolo ya boemo ba lehodimo.

Thlahiso ya Sehla

©Glenneis Kriel

Bareki ba sehla sa hlabula ba na le tlhoko e batleheng ya mariha e tshwanang le ya diapole mme ba hlahisa sejalo se le seng nakong ya selemo. Di kgona ho atleha haholo dibakeng tseo diapole di lengwa ho tsona.

Bareki ba hwetla ba na le tlhoko e batang e tlase, ba beha sejalo pejana lehlabula le hape ho elella bofelong ba lehlabula ho ya. Di loketse dibaka tse futhumetseng.

Mefuta e Fapaneng

Mefuta e fapa fapaneng e ya lengwa, haholo ho latela ho tshwaneleha ha mofuta o itseng bakeng sa tlhahiso sebakeng se itseng le tlhoko ya mmaraka bakeng sa mofuta oo. Tsena tse ka sehloohong tsa selemo ke Glen Prosen, Glen Lyon le Tulameen, athe ba ka sehloohong ba jereng nako ya hwetla ke lefa la bochaba le hwetla.

Ho latela mefuta e sa tshwaneng, o motala o na le mmala o mofubedu, o moputswa, ​​o mosehla le o pherese, mme di na le mmala o mofubedu le o moputswa wa mefuta e tshwanang le ho ba boima haholo ho lotho. Li-blackberry ke tsa subspecies e fapaneng. Ka tloaelo ha li na mamello e batang ebile di makgethe ho feta mefuta e mekgubedu. Mefuta e pherese ke dimela tse matla haholo tse ntlafaditsweng ntle le sefapano se setsho le tse kgubedu.

Ho futhumala le boemo ba kgolo e boetse e na le tshusumetso ho bokgubedu ka mmala. Ka selemo sa 2019, tse botala bo ratwang ke bareki ke dithunya tse kgubedu tse lefifi kapa tse pinki hoo e batlang e le tse kgubedu ka mmala wa lamunu.

Thekiso

©Glenneis Kriel

Tlhokahalo ya machabeng le ya lehae ya monokotshwai e ntse e eketseha butle dilemong tse mmalwa tse fetileng. Boholo ba monokotshwai Afrika Borwa di romellwa ntle, ka 80% ya monokotshwai ona o reretsweng United Kingdom. 20% e setseng e romelwa bohareng ba leboya le European Union.

Tshebetso

Diratswana di ile tsa bitswa dijong tse matla hobane di tletse di-antioxidants, di na le faeba e ngata ebile di na le vithamini A le C. Hape ha di na kholesterol ebile di na le phytonutrients, tseo ho thweng di fokotsa botenya ka ho eketsa tshebetsong ya enzyme le tshebediso ya oksijene. 

Monokotshwai o ka natefelwa jwalo ka ditholwana tse ncha kapa tsa sebetswa hore di sebediswe dijong tse tswekere, dinomaphodi, yokathe, tee le jeme.

Translated by Sebongile Sonopo