Mokgwa wa ho Sebedisa Meriana ya Kolobe ka Nepo

©National Pork Board, USA
Ho fumana diphello tse atlehang ka ho fetisisa, meriana, diente le phekolo leha e le efe e lokelang ho bolokwa, e sebediswe le ho fanwa ho ya ka ditaelo tse ngotsweng. Tlhokomelo e boetse e lokela ho nkwa e le ho netefatsa hore dikolobe di fumanwe di nepahetse pele di fana ka moriana o sa boneng. Ho se latele ditaelo, ho tla etsa hore phekolo e se ke ya sebetsa hantle, feela e fane ka tshireletso e itseng kgahlanong le malwetse mme e le hantle e be ho senyeha ha chelete.

Bala Leibole

©National Pork Board, USA
Pele o etsa ntho leha e le efe e nngwe, bala leibole eo hoba o utlwisise hore na phekolo e lokela ho fanwa jwang. Hape sheba letsatsi la ho fela, jwalokaha mekgwa ya phekolo e fetile matsatsi a yona a ho qetela e ka nna ya se ke ya sebetsa ka tsela eo e lokelang ho sebetsa ka yona.

E Boloke e Phodile

©National Pork Board, USA
Hangata ho hlokahala hore e bolokehe maemong a batang. Kahoo, e lokela ho bolokwa ka mokgwa o nepahetseng ho tloha tlhahisong ya meriana ho fihlela e fuwa phoofolo polasing. E le ho thibela khgefu leketeng le batang, dihwai di lokela ho reka dihlahiswa tse tswang mohloding o ka tsheptjwang mme di boloke meriana lebokoseng le nang le leqhwa ha le e isa polasing. Polasing, moriana o lokela ho behwa ka sehatsetsi se kwetsweng ho fihlela o sebediswa. Meriana ha ya lokela ho sala e le letsatsing, kaha mahlasedi a kotsi a ka senya kamano ya oona hantle.

Sebedisa Boitsebiso bo Loketseng

©Roger de la Harpe
Ho fana ka meriana e mengata haholo kapa e menyane haholo ka nako e ke ke ya eba le phello e lakatsehang. Tlasa tekanyo e ka nna ya etsa hore dikolobe di se ke tsa sireletswa ka ho lekaneng, athe tekanyo tse fetisisang di ke ke tsa tsamaisa ditshenyehelo feela empa di ka ba le ditla-morao tse mpe.
Ha ho hlakola mekgwa ya phekolo, e kang diinelo le dinyanyatso, ho lokela ho nkwa tlhokomelo e kgethehileng ho tiisa hore e kopane jwalokaha e laetsoe hodima leibole. Metsi ha aa lokela ho hlwekisa feela empa a boleng bo botle ho tloha ha maemo a mangata a diminerale le dikarolwana le metsi a lekaneng haholo a ka etsa hore phekolo e se ke ya atleha.

Laola Tlhahlobo ka Nepo

©National Pork Board, USA
Etsa bonnete ba hore ditlhare di fanwa ho latela ditaelo tse leiboleng. Motho ya fanang ka meriana o lokela ho kwetliswa hantle, eseng feela ho fana ka meriana ka nepo empa hape le ho bakela dikolobe mathata a manyane ka hohle kamoo ho ka kgonehang. Ho imelwa kelellong ha ho na tshusumetso e mpe ho boiketlo ba diphoofolo empa hape ho etsa hore diphoofolo di be kotsing ya ho kula mme di ka etsa hore phekolo e se sebetse hantle ebile e lokela ho sebetsa.
Haeba phekolo e lokela ho fanwa e le ente, ente e lokela ho fuwa sebakeng se nepahetseng mmeleng wa diphoofolo, hangata molaleng. Dinalete di lokela ho nkelwa sebaka pakeng tsa ente e nngwe le e nngwe ho qoba ho ata ha malwetse.
Bakeng sa meriana ya molomo, ho lokela ho nkwa tlhokomelo ho tiisa hore diphoofolo di ja moriana o mongata ho feta kamoo ho hlokahalang ha phekolo e tsamaiswa ka dijo kapa metsi. Ha ho hlahloba dikolobe ka ho toba molomong, South African Pork Producers Organisation (SAPPO) o buella bukeng ya yona Manual for emerging Pig Farmers hore dihwai di tshwara hlooho ebe di sebedisa nalete. Sehlooho sa nalete se lokela ho kenngwa ka lehlakoreng la molomo ka tlasa leleme e le hore meriana e metswe mme e se ke ya theoha tlasa moya.

Dithibela-Mafu

©Roger de la Harpe
Le dithibela-mafu ka ho kgetheha, tshebediso e fosahetseng e ka etsa hore tlhahiso ya dithibela-mafu e hane, e leng se bolelang hore motswako o sebetsang kalafo o ke ke wa atleha ebile o se na thuso ho laola dikokwana-hloko tse itseng.
Ho phahama ha dinaha tsa machaba ka lebaka la ho hanyetsa dithibela-mafu ho entse hore ho be le kgatello e matla ho dihwai ho sebedisa dithibela-mafu ka mokgwa o fokolang le ha feela ho hlokahala. Afrika Borwa, ka ho kgetheha, dithibela-mafu tse itseng di fumaneha feela ka lengolo la ngaka le tswang ngakeng ya diphoofolo.

Translated by Bongani Matabane