Mandela le All-In National Action Council

© Eric Miller

Umkhonto we Sizwe o wa thewa

Mandela le All-In National Action Council ba nka qeto ya ho lokisetsa mohwanto o kgahlano le molao wa Afrika Borwa jwalo ka setjhaba ka 31 May 1961. Ba ne ba lokisetsa seteraeke sa matsatsi a mararo ho dutswe hae 29,30 le 31 Motsheanong 1961. Mandela o ne a lokela ho se hlahelle ho balehela ho tshwarwa.

Mandela le Walter Sesulu ba ile ba hahlaula le naha sekhukhung ba lokisetsa dintho tsa seteraike. Mandela (lebitso la papadi Palesa e ntsho ka nako eo) o ne a bitswe ka lona bakeng sa selemo le halofo. Ka mora qalo e kgolo ya maponesa seteraekeng. Mandela a ile a se phumula letsatsing la bobedi.

Nakong ena yena le basebetsi mmoho le yena ba ile ba nka qeto ya hore merusu Afrika Borwa e keke ya thibeha, le hore baetapele ba Afrika ba keke ba tswelapele ka molao wa ho sebe le morusu ha mmuso o fihlella ditlhokeho tsa ditokelo tsa botho ka morusu le ho susumetsa. Qeto ya ho theha MK (Lerumo la Setjhaba), e ne ese ya ANC, empa e ne ele batho ba itseng ka hare ho ANC ba ileng ba nahana ho e theha. Nelson Mandela e ne ele moetapele ya ka sehlohong.

Nelson Mandela o wa tshwarwa

Ka 1962 Mandela o ile a tshela brokgo ka sephiri ho hlaha ka dimakatso sebokeng sa Pan African Freedom Movement se Addis Ababa. O ile a hlalosa sebakeng hore hobaneng ha Umkhonto we Sizwe o lokela ho ba qalo ya tlhaselo. Leetong la hae o ile a etsa kwetliso ya mekgatlo e menyane Algeria mme a fetela London moo a ileng a kopana le baetapele ba Britain ba mekgahlo e qothisang. 

Ha Mandela a kgutlela Afrika Borwa, o ile a hapuwa ka di 5 Phato haufi le Howick Natal. Mandela o ile a ba tekong Old Synagogue e Pretoria ka Pudungwane 1962 mme a ahlolwa dilemo tsa hlano tjhankaneng bakeng sa ho kgothaletsa le ho tswa ka hara naha ntle le molao. O ile a qala kahlolo ya hae Pretoria Central Prison.

Ha Mandela a ntse a le tjhankaneng, maponesa a senya ka sehloho kantoro e kgolo ya ANC e neng e le moahong o ka fatshe. Polasing ya Liliesleaf e Rivonia, ho ile ha tshwarwa maloko a kang, Walter Sesulu, Govan Mbeki, Raymong Mhlaba, Ahmed Kathrada, Dennis Goldberg le Lionel Bernstein.

Maponesa a ile a fumana tokomane e neng e amana le tlhahiso ya moruso, dayari ya Mandela ya maeto a Afrika le diphepeshana tsa memorandamo . Operation Mayibuye, eo e neng e bontsha maano a tshotleho ya mekgatlo e menyane.

Bophelo bohle tjhankaneng

Ka Mphalane 1963 Mandela o ile a iswa tjhankaneng ho ba le ba ahlolwang mmoho le yena bakeng sa sabotasi,mmommori wa ho diya mmuso ka mahahapa, le ho thusa ka dihlopha tse hlometseng tsa dinaha tse kantle tse hlaselang Afrika Borwa. Puo ya Mandela ho tswa boema kepe e ne e le, “Ke ikemiseditse ho shwa” e ileng ya hula phatlalatso ya lefatshe.

Ka 12 Phupjane baqusuwa bohle ba ile ba ahlolelwa bophelo bohle tjhanakaneng. Hoseng ho latelang Nelson Mandela o ile a fofisetswa Cape Town tjhankaneng ya Robben Island moo a ileng a tshwarwa ho fihlela ka 1982, ha a ne a iswa tjhankaneng ya Polsmoor haufi le Cape Town.

‘Ho futuwa ha tokollo ya Mandela” ho ile ha qala ka 1982, Afrika Borwa le kantle. Boholo ba dinaha tsa kantle di ile tsa etsa kgatello ho mmuso ho lokolla Mandela, ka nako eo e neng e le radipolotiki wa motshwaruwa ya tummeng lefatsheng .

Translated by Sibongile Sonopo