Letsatsi le tlwaelehielng la Nelson Mandela ka Raymond Louw

© Eric Miller

O Tsohile ka Madungwadungwane

Mopresidente Nelson Mandela o qadile letsatsi la hae pele tsatsi le tjhaba ka 05:30, ka nako e nngwe ho tsowa ka nako ho ne ho tswa ka ditlhokeho ho yena, o iketseditse bethe ya hae mme a qete metsotso e 30 a ithapolla. E kaba o Cape Town kapa Pretori, o ofising ya hae ka mora hora ya bosupa hoseng o se a kene a sebetsana le di email.

Mangolo a 50 di emaile tse fetang 45 di ne di fumaneha ka letsatsi, le ha 90% ya di email e le tsa batho ba moratang feela ba ne ba lokelwa ho arajwa. Mme tse 10% tse setseng e ne e le tsa batho ba nang le ngongoreho ka maemo a mmuso wa setjhaba melao e neng e kentswe tshebetsong, dimemo, dikopo tsa ho tekena le thuso ya ditjhelete ya mesebetsi.

Mangolo a Batshetsi

Mangolo a batshehetsi a ne a le mofuthu le ho ba le setswalle, ha ngata ba bontsha kgotsofalo. Mohlala wa le rongwetsweng kantorong ya hae ya ANC e Shell House Johannesburg, ha re ya ntsha lebitso la motho ya rometseng, mme ntle le moo e ne e le mosadi wa lebitso la Afrikaans, le ne lere: Email ho president@anc.org.za From: Mrs ……..

To: The President Subject: You O moholo!!!! Melaetsa meng e re: “… dibasekete tsa lerato.” “… Oops! Tshwarelo ka ho sere mahlohonolo a letsatsi la tswalo….” “Re ananela tsohle tseo o di entseng bakeng sa tekatekano lefatsheng.” Molaetsa o mong o tswa lelapeng le dulang lewatle, Washington, United State ba fana ka ‘ditakaletso tsa mahlohonolo’ ho mopresidente mme oa hlalosa, ‘ke tshepa o tla re etela nakong e tlang ha o tla baduding ba lewatle’.

Boholo ba mangolo a neng a buwa mathata a Afrika Borwa a ne a tsepamisitse maikutlo ho merusu e etsalang ka hare ho naha, e leng bothata bo neng bo hlaha kgafetsa. Ba bang ba ne ba buwa ka molao wa hontsha mpa le potso ya sepolotiki ya letsatsi.

Melaetsa e meng e ne e le e lebisitsweng atereseng e fosahetseng, o mong o ne o nyatsa mopresidente Mandela ka ho hlasela batho ba utlwanang ka bong. O ne o lebisitswe ho mopresidente wa Zimbwabwe Robert Mogabe mme o ile wa fetiswa.

Dikopano, Ditlaloso le Mekete

Ka 8 hoseng dikopano tsa mopresidente di ya qala, ditlhaloso ho tswa ho diministatra kapa ditho tsa mmuso le dipoisano le ditho setjhaba. Mananeo a hoseng a fella ka 12:45 pm ka nako ya dijo tsa motsheare, eo hangata ho neng sebetswa.

Mopresident o ne a sa je nama e kgubedu (o ne a tobana le phepetso e kgolo ha a ile mahaeng Transkei kapa dibakeng tse ding moo ho neng ho entswe mekete ya setso o ne a tobana le nama ena ka nako tsohle). O ne a rata disalate le ditholwana tse foreshe mme o ne a sa rate dijo tsa makolokoti.

Motsheare wa mantsibuya o ne a o qeta dikopanong, dibokeng kapa meketeng mme bosiu teng e ne e le meketjana e mengata, dijo tsa bosiu le dikopano. O ne arobala ka 09:30 kapa 11 bosiu, ho ne ho tswa feela ka letsatsi la hae.

O ne a e na le matla le bokgoni ba ho sebetsa le ho nka dikeletso ho dingaka ho lekanya tshebetso ya hae. Ka letsatsi leo a etsang filimi ya ‘letsatsi bophelong ba mopresidente, bakeng sa tlhahiso ya Weekly Mail TV, o ne a se a tsohile pele Sam a mo isa Umtata Airport Transkei ka 05:30.

Ka mora dijo tsa hoseng ka sefofaneng, o qala mangolo a tsamaiso ya mesebetsi Union Buildins ka 07:10 hoseng. Letsatsing leo o ile fofela Cape Town motsheare wa mantsibuya bakeng sa moketjana wa mantsibuya wa Neelthlinghof wine estate Stellenbosch pele a kgutlela lapeng la hae Houghton, Johannesburg, a robala 11 bosiu. Ke letoto le neng le ka hlola monna ya monyane.

Translated by Sibongile Sonopo

Nelson Mandela's Beginnings

Nelson Rolihlahla (Madiba) Mandela ke monna ya makatsang ya fetotseng histori ya Afrika Borwa mme a tlisa tokoloho setjhabeng. Nelson Mandel...more

Nelson Rolihlahla Mandela by Raymond Louw

Ka nako eo Mandela e ne e le moetapele wa sehlopha sa batjha ba ANC ba ileng ba mamella boetapele le maqithi a molao theo wa ANC mme ba etsa...more